churchofnazafrica.publishpath.comchurchofnazafrica.publishpath.com/websites/churchofnaz... · web...

88
1 HO KETEKA KHALALELO LETHATHAMO LA LITHERO KEREKE EA NAZARENE-TIKOLOHO EA AFRIKA

Upload: vukiet

Post on 07-Mar-2018

333 views

Category:

Documents


9 download

TRANSCRIPT

1

HO KETEKAKHALALELO

LETHATHAMO LA LITHEROKEREKE EA NAZARENE-TIKOLOHO EA AFRIKA

2

Kereke Ea Nazarene Tikolohong Ea AfrikaHo keteka Khalalelo

Lethathamo La Lithero

Selelekela

Lithero tse khothaletsoang ka beke

Beke ea 1

Thero ea 1:Kolobetso tse Peli-ea Metsi le ea Moea kapa ea Mollo Mattheu 3:1-12/Dr Enoch Litswele Thero ea 2:Ho Phahamisa Jesu Johanne 12:20-32/Dr Enoch LitsweleThero ea 3:Ho Etsa hore Pholoho ea rona e Phethehe Mareka 1:1-8/Rev Chanshi Chanda Thero ea 4:Morero oa Lefu la Jesu Tite 2:11-15/Dr Enoch LitsweleThero ea 5:Ho Shoa le ho Phela le Jesu Baroma 6:1-23/Dr Enoch LitsweleBeke ea 2 Thero ea 6:Batho Feela Pitsong e Hlollang ea Borumuoa Johanne 15:4-5/ Dr Filimao ChamboThero ea 7:Memo ho Tsoa ho Molimo Genese 17:1-2/Dr Filimao ChamboThero ea 8:Sefate sa Nnete sa Morara le Makala a Nnete Johanne 15:5-8/Rev Collin ElliottBeke ea 3 Thero ea 9:Ho Phalla hoa Moea o Halalelang Johanne 7:37-39/Rev Collin ElliottThero ea 10:Bakoloti ba Evangeli Baroma 1:8-17/Dr Enoch Litswele

Esaia 35:8/Rev Kenneth PhiriBeke ea 4Thero ea 12:Khalalelo le Bophelo ba Boits’oaro Esaia 6:1-7/Dr Enoch LitsweleThero ea 13:Re Lokela ho Halalela Hobane ho Ngoliloe Joalo 1Petrose 1:13;2:3/Dr Enoch LitsweleThero ea 14:Ho Khanya hoa Sefahleho sa Molimo ho Rona Pesalema 67;Numere 6:22-27;Ts’enolo1:16/Dr Enoch LitsweleThero ea 15:Pelo e Hloekileng Mattheu 5:8/Rev Cosmos MutowaBeke ea 5Thero ea 16:Ho Lula Boteng ba Molimo ea Halalelang Pesalema 15/Rev Paul MtamboThero ea 17:Khalalelo e Phallang 1Johanne 1:5-10/Rev Paul MtamboThero ea 18:Moea o Halalelang oa Kopanya Baefese 4:12-15/Rev Collin Elliot

3

Beke ea 6 Thero ea 19:Nnete ka Khalaletso Baroma 6:19-22/Dr Stan TolerThero ea 20:Semelo sa Nnete se ke Keng sa Nyatsuoa Jobo 1:6/Dr Enoch LitsweleThero ea 21:Phethehang joaloka ha Ntate oa Lona ea Maholimong a Phethehile Mattheu 15:14-48/Rev Chanshi ChandaBeke ea 7Thero ea 22:Ho Bonahatsa Khalalelo ea Molimo Exoda 3:5-6/Dr Stan Toler

Thero ea 23:Molao o Motle oa Lerato

Mattheu22:35-40/Rev Chansi ChandaThero ea 24:Phomolo-Moeli o Latelang Baheberu3:7-19/Rev Samantha ChamboThero ea 25:Ho Khumamela Molimo ka Khalalelo

Pesalema29:1-2/Dr Enoch Litswele

LITHERO TSE LING-HO HLOEKISOA KE MOEA O HALALELANGThero ea 26:Re Hloekisitsoe hore re se Hlole re Etsa Sebe Baroma6:1-14/Lethathamo la lithero 2008Thero ea 27:Re Hloekisitsoe hore re Hanele Moleko Mattheu4:1-11/Lethathamo la lithero 2008Thero ea 28:Re Hloekisitsoe hore re Phele Kantle ho Sebe Johanne8:1-11/Lethathamo la lithero 2008Thero ea 29:Re Hloekisitsoe hore re Laole Mehopolo ea Rona 2Samuele11:2-5;Mattheu5:27-30/Lethathamo la lithero 2008

Thero ea 30:Re Hloekisitsoe hore re Lule re T’sepahala

Daniele6/Lethathamo la lithero 2008

Thero ea 31:Re Hloekisitsoe hore re Ele Hloko Meharo Mattheu26:14-16,27:1-10/Lethathamo la lithero 2008 Genese42;45;3-7/Lethathamo la litheroThero ea 33:Re Hloekisitsoe hore re Phele Joaloka Jesu Baefese5:1-10/Lethathamo la lithero 2008Thero ea 34:Ho Lapela le ho Nyoreloa Bophelo bo sa Feleng Mareka10:17-31/Dr Enoch LitsweleThero ea 35:Batho ba Molimo ba Furalla Litsela tse Khopo

2Likronike7:14/Dr Enoch LitsweleThero ea 36:Sebe Bothata ba Motho

2Marena5:1-19/ Rev Kenneth Phiri

4

SELELEKELA

“Called unto holiness, “church of God,Purchase of Jesus, redeemed by His blood;Called from the world and its idols to flee,Called from the bondage of sin to be free.

Refrain

“Holiness unto the Lord” is our watch tower and song.“Holiness unto the Lord” as we are matching along.

Sing it, shout it, loud and long,“Holiness unto the Lord,” now and forever.

“Called unto holiness, “children of light,Walking with Jesus in garments of white;

Rainment unsullied, nor tarnished with sin;God’s Holy Spirit abiding within.

“Called unto holiness,” praise His dear Name!This blessed secret to faith now made plain:Not our own righteousness, but Christ within,

Living, and reigning, and saving from sin.

“Called unto holiness” bride of the lamb,Waitng the Bridegroom’s returning again!

Lift up your heads, for the day draweth nearWhen in His beauty the King shall appear.

Khalalelo ho Molimo ha e sale e le pina ea mantlha ea kereke ea Nazarene ea lilemo. Re kereke ea khalalelo. Ho tloha mothehong oa kereke ena, ha e sale re biletsoa ho rera nnete le khalaletso e fumanoang ka ho lumela ho Jesu Kreste le ho nka karolo ea ho bolela pholoso ea moea le tokoloho ea ba hlokang. Ho ea lumelleha hore bakreste ha ba lokele ho bonahatsa moea oa bolefat’se empa ba lokela ho bont’sa Moea oa Kreste.

T’susumetso ea lefat’se e matla haholo, leha ho le joalo Molimoo re bitsitse re sa le lefat’seng:”le se ke la rata lefat’se le tsa lona. Haeba motho a rata lefat’se,lerato la Ntate ha le eo ka ho eena”(1Johanne2:15)

Re bona kereke ea Nazarene Afrika e hula ka boima matsatsing a joale khahlanong le litsamaiso tsa lefat’se tse leng khahlanong le sefapano sa Kreste. Re biletsa kereke ho khutlela molaetseng oa khalalelo oa pele le bophelo libekeng tse latelang sontaha

Tiiso ena bekeng e “ngoe le e ‘ngoe e hokahana le matla a tsoho ea bafu u Paseka leLithapelo tsa Pentekonts tse ngotsoeng ke Dr Gary Moore.

Tiiso ena bekeng e ‘ngoe le e ‘ngoe e hokahana le matla a tsoho ea bafu a Paseka le lithapelo tsa Pentekonta tse ngotsoeng ke Dr Gary Moore.

Ho na le mathathamo a mmaloa ao u ka khethang bakeng sa beke e ‘ngoe le ‘ngoe. U kopuoa ho shebisisa lethathamo ‘me u shebe leo u tlang ho le sebelisa molemong oa sontaha se seng le se seng sa tse supileng ho qala ka sa la 15 ‘Mesa 2012; sontaha se hlahlamang sontaha sa Paseka.

5

Mohlala, lethathamo la lithero tse khothalelitsoeng bakeng sa beke ea pele le kenyelletsa tse latelang:

Beke ea pele

Thero ea 1: Kolobetso tse Peli- ea Metsi le ea Moea o Halalelang kappa ka Mollo Mattheu3:1-12/Dr Enoch LitsweleThero ea 2: Ho Phahamisa Jesu Johanne12:20-32/Dr Enoch LitsweleThero ea 3: Ho Etsa hore Pholoho ea Rona e Phethehe Mareka1:1-8/ Rev Clanshi ChandaThero ea 4: Morero oa Lefu la Jesu Tite2:11-15/Dr Enoch LitsweleThero ea 5: Ho Shoa le ho Phela le Jesu Baroma 6:1-23/Dr Enoch Litswele.

U ka khetha ho sebelisa thero ea boraro, “Ho etsa hore pholoho ea rona e phethehe” e le eona e qalang tlhatlhamiso eno. U ka sebelisa lithero tse ling nakong e tlang har’a selemo kamor’a hore tiiso ena ea khalalelo e fele ka sontaha sa Pentekonta,27 Mot’seanong 2012.

Kakaretso ea lethathamo la lithero tse 36 li kenyellelitse hore u li sebelise selemong sa 2012 joaloka ha re talimisisa tsoseletso ea khalalelo mothong ka bomong e sita le e kopanetsoeng holim’a tikoloho ea Afrika eohle. Tiiso ena ea khalalelo e tla thusana le ho t’sehetsa mosebetsing oa joale oa likereke tsa lehae, seterekeng le likarolong tse ling ho nt’setsa pele ho thehoa ha tikoloho ea semoea holima tikoloho ea Afrika moo Molimo a fuoeng tokoloho ea ho tlisa tsoseletso ea khalalelo e tsoellang pele holima likereke le nchafalo ea Semoea boetapeleng le lithong tsa kereke.

Ho tlatsetsa holim’a lethathamo la lithero, u fuoe hape libeke tse supileng tsa lithapelo molemong oa lelapa lohle, le tse ling tse supileng tsa boithuto ba Bibele.

Lisebelisuoa tsena li teng ho tataisa kereke ho ithuta le ho e tataisa khalalelong ea eona mothong ka bomong kapa kopanong ea hau le ba bang joaloka ha e hokahana le moetlo oa Sewesele ka tebello ea takatso ea pitso ea ho nka khato kapa e arabelang tlhoko, ho tsepamisa maikutlo thapelong le boitimong, ho ipolela ka bomong kapa ka kopanelo le ho baka, ho nka karolo selekaneng le likamano tsa boikarabello le Molimo ‘moho le kereke.

Kea u leboha ka ho nka karolo ketekong ea khalalelo ea 2012! Kea u rapella uena le phutheho ea hau le hore Moea o Halalelang o theohele holim’a tikoloho ea Afrika.

Dr Filimao ChamboRegional Director for Africa

6

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 1

Kolobetso tse Peli: ea Metsi le ea Moea o Halalelang kapa Mollo

Lengolo: Mattheu 3:1-12

Temana ea boikhopotso: Mattheu 3:11

Selelekela

Johanne o re ho na le likolobetso tse peli:

Ea metsiEa Moea o Halalelang/ mollo

Paulosi o re ho na le kolobetso e le ‘ngoe (Baefese4:5)

Ho kolobetsa (greek-baptizo) ke ho inela ka har’a metsi.

Ka sekherike mohatlana “eis” le “en” e bolela “ke” kapa “ka hara”(sheba Mattheu3:11; Liketso19:3,5 le Bagalata3:27)

1, Kolobetso ea metsi

a. E ne e le ketso ea ho itlhoekisa e neng e sebelisoa ho tlosa ho nyatseha (Pesalema26:6, Matteu27:28

b. Balichaba ba ile ba amoheloa ka har’a Bajuda ka mor’a tlhoekiso ea metsi(Qumma)

c. Ho t’sela metsi a leoatle le lefubelu ha MaIseraele ka tlasa leru, e ne e le pont’so ea kolobetso ho Moshe ka tlasa selekane sa Testamente ea khale(1Bakorinthe10:1-2)

d. Johanne mokolobetsi o ile a hlahisa sena tumelong ea bakreste ea Testamente e ncha(Mattheu3:6)

e. Jesu o ile a amohela ketso ena ha a kolobetsoa ke Johanne a ba a laela hore balateli ba hae ba kolobetsoe(Mattheu28:18-19)

f. kolobetso ea metsi ke sakramente joaloka selallo se halalelang.

1) “ke let’soao la pont’so ea mohau o bolokang. Ke pont’so ea hore Molimo o hloekisitse moetsalibe- bopaki bo bonahalang hore motho o amohetse Kreste e le mopholosi.”

2) Ke tsela ea mohau e bonahatsang ho ananela tokafatso.3) Ke let’soao le kantle le bonahalang la seo mohau o se entseng ka hore e

leng(pako,t’soarelo,pholoho,tokafatso,tsoalo bocha le ho beoa ngoan’a Molimo)

g. Let’soao le kantle (kolobetso ea metsi) e nepahala feela ha e bonahatsa boteng ba mohau oa Semoea o ka hare.

Mohlala:

1) Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero 1. Reng ea lenyalo ha se lenyalo, ke pont’so e bonahalang ea likamano tsa

lenyalo pakeng tsa monna le mosali; ke pont’so ea lerato, bot’sepehi le boikemisetso bo tsoellang pele.

2. Seaparo se t’soanang ke pont’so ea ho hong ho itseng.3. Pampiri chelete ha se chelete,ke kopo ea chelete ho tsoa bankeng.

7

Lets’oao le kantle la kolobetso ea metsi e phethahatsoa ke lengolo la kolobetso.

h. Johanne mokolobetsi o ile a hana ho kolobetsa batho baneng ba se na lets’oao lena la mohau o ka hare (Mattheu 3:7).

i. Moetsalibe a ka kolobetsoa ka metsi empa metsi a sitoa ho mo halaletsa.j. Selepe se otla maoto a moetsalibe ea kolobelitsoeng le ea sa kolobetsoang.

2. Kolobetso ka Moea o halalelang

a) Moea o halalelang ha se sakramente hape ha se tsela ea mohau empa ke bokahare ba botebo ba semoea ba mohau.(Mattheu 3:11;Liketso 1:5).

b) Kolobetso ena ke Molimo ka boeena ‘me o re kolobeletsa kahare ho eena-Molimo Ntate, Molimo Mora le Molimo Moea o halalelang.

c) Ha motho a kolobetsoa ka /kahare ho Moea o halalelang-

1. O kolobetsoa kahare ho lefu la Morena Jesu Kreste-Ketso eo ka eona semelo sa khale sa moetsalibe se shoang le ho patoa le Kreste(Baroma 6:3-6).

2. O kolobeletsoa ka hare ho tsoho ea Morena –Ketso eo ka eona molumeli a a kopangoang le Jesu Kreste ‘me a phela bophelo bo bocha (Baroma 6:3-7).

3. Kolobetso ho Jesu ke ho apesoa ka Jesu(Bagalata 3:27)4. Botho ba khale ba boetsalibe boa tlosoa ha re kolobeletsoa lefung la Kreste re ba re

patoa le eena (Baefese4:22).5. Botho bo bocha ba ho loka boa re apesa ha re kolobeletsoa bophelong ba Jesu le

tsohong ea hae ea bafu (Baefese 4:24).

d) Ho Kreste (ka ho kolobeletsoa ho eena) re ba libupuoa tse ncha,tsa khale lia feta ‘me tse ncha tse ntle lia tla(2 Bakorinthe5:17)

e) Ka kolobetso re ba le boleng ba rona ba semoea ho Molimo (Liketso17:28)

3. Kolobetso ea Moea o halalelang ke kolobetso ea mollo

a) Re kolobelelitsoe ho Molimo, Mollo

1. Mollo o timeletsang sebe(Deuteronoma 4:24;Baheberu12:24)2. Mollo o hloekisang pelo(Liketso15:8-9)3. Mollo o fanang ka leseli(1 Johanne1:5-9)4. Mollo ona o ile oa kolobetsa sehlahla seo Moshe a ileng a se bona.Tsohle tse neng li

le sehlahleng (linoha, likokonyana le tse ling) li ile tsa cha empa sehlahla sona ha sea ka sa cha (Exoda3:2-3)

5. Mollo o halalelang o hloekisang o fanang ka matla hore re be lipaki tse sehlahlo(Liketso 1:8)

b) Kolobetso ea Moea o halalelang mothong ha e hloke tokomane ho netefatsa kolobetso eo hobane ke tokomane ka sebele.Bophelo bo ts’oanang le ba Kreste ke bopaki bo feletseng ba hore motho o kolobelitsoe ka Moea o halalelang (Mattheu 5:16; Baroma12:1-2;2 Bakorinthe 3:1-3)

4. Kolobetso ka Moea o halalelang ke ho kolobeletsoa leratong la Molimo.

a) Ke kolobetso leratong la Molimo eo e leng lerato (1Johanne 4:8)

1. Lerato la hae le phahamisa baetsalibe ba bakileng libeng tsa bona hore ba phahame moo ba tebileng ‘me ba kolobeletsoe ho eena.

8

2. Kolobetsong ea metsi, motho o ineloa ka hara metsi e be oa nts’oa pele a ka ea le metsi.

3. Jesu Kreste eena ha a re ine feela ka hare ho lerato la hae ebe oa re nts’a, empa oa re tlohela hore re lule ka hare ho lerato la hae re tsebe ho teba nako eohle leoatleng la lerato la hae(Johanne 15:9-12).

4. Lerato lena le re thusa ho boloka molao o moholo-ho rata Molimo,ho ithata le ho rata bahaisane(Mattheu22:37-40) ba bang(Johanne15:12-17)le ho rata lira tsa rona (Mattheu 5:43-48;Baroma 12:14-21)

b) Thapelo ea molumeli ke sefela sa ho tsoellapele ho teba ha a tsamaea le Kreste

1. Ka 1900 Chales P Jones a rapela-“Ho teba, ho teba leratong la Jesu.Kamehla ntumelle ho ea Ho teba, ho teba Moea o halalelang nketse hore ke tebe hape Ho fihlela bophelo bohle ba ka bo lahletsoe ho Jesu.”

2. Ka 1914 Osward Smith a rapela “Ho teba le ho teba kahare ho pelo ea Jesu Ho teba le ho teba kahare ho thato ea Jesu Ho teba le ho teba kahare ho thabo ea Jesu Ho teba le ho teba kahare ho lerato la Jesu Ho teba le ho teba e re ke ee.”

3. Motho ea nkoang ke metsi o kahare ho metsi ‘me le ‘ona a kahare ho eena-O ho Jesu ‘me le Jesu o ho eena (Johanne15:4)-O ho Moea o halalelang le Moea o haalalelang o ho eena-O leoatleng la lerato la Molimo ‘me le lerato la Molimo le ho eena (Johanne15:10)

4. Ke ba bangata bareng Morena, Morena ho Jesu empa ba sa etse thato ea Molimo. Ba bang empa e le ba tsebang ho sesa feela kahare ho kereke empa ha ba kolobeletsoa ho Kreste le leratong la Molimo.

Qetello

Molaetsa ona ke oa rona bohle.

1) Ke molemong oa lona baetsalibe ba kolobelitsoeng ka kolobetso ea diabolosi ‘me ba le ka thoko ho mohau,ba tebang kahara sebe-lithethefatsi, bonyala, AIDS le HIV, botahoa, ts’ilafalo eohle le ho hloka ho baka le hobolela libe tsa lona ho Molimo le ho amohela ts’oarelo ea Molimo le ho kolobetsoa ka metsi (1 Johanne 1:9)

2) Ke molemong oa lona ba kolobelitsoeng ka metsi empa ba hloka ho kolobetsoa ka Moea o halalelang le ka Mollo(Liketso 19:1-7)

3) Ke molemong oa lona bahalaleli ba kolobelitsoeng ka Moea o halalelang le ka Mollo.Leseli la ka meso le lokela ho lula le le chabetse (Liprovebia 4:18).Ho na le sebaka leratong la Jesu molemong oa hau hore u tebe hape le hape leratong la hae.Leboha Molimo hore ebe u ho Kreste.Pontso ke hore na u tebile ha kae leratong la hae? Baefese 3:16-19

-molemong oa hae (Mattheu 22:37)-molemong oa molekane oa hau (Baefese 5:25)-molemong oa mohaisane (Mattheu22:39)-molemong oa sera sa hau (Mattheu5:44)

4) TLOHO HO JESU.

Dr Enoch H.LitsweleFormer Assistant to Regional Director for Africa

9

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 1

Ho Phahamisa JesuLengolo : Johanne 12:20-32

Selelekela:

Kopo ea Ba-Greeke- Ba ne ba batla ho bona Jesu

Bana e ne ele Balichaba, banna ba bohlale, litsebi tse neng li batla nnete.

Ba ile ba tla ho balateli ba Jesu, Philipi le Adrew.bana ba babeli e ne e le bahapi ba meea (Johanne 1:41,45).

Ha Jesu a utloa kopo, o ile a fana ka karabo e makatsang.E ne e le karabo e sa totobala (Johanne 12:23-32).

Karabo e ne e le hore: Balichaba le lefatse lohle le tla ‘mona ha phahamisoa sefapanong (Johanne 12:32).

1. Ho phahamisoa hoa hae ho ne ho patehile.

a. Testamente ea khale, selallo sa mahobe a sa lomosoang bukeng ea Exoda.

-Mali a konyana e hlabiloeng a ne a lokela ho ba mahlakoreng le kaholimo likoseneng tsa mamati (Exoda 12:7); e le lets’oao la sefapano.

-Ba ileng ba mamela taelo ena ba ile ba pholoha lefu (Exoda 12:13).

b. Felleng, Moshe ha a phahamisa noha ea koporo (Numere 21:4-9), e leng lets’oao la ho thakhisoa (Johanne 3:4).

-Ba neng ba lonngoe ke noha ba ile ba bolokeha ha ba ananela taelo ea ho talima noha ea koporo.

-Jesu o ile a bolella Nicodema hore “Jolokaha Moshe a ne a phahamisa noha felleng, e ka khona Mora Motho a phahamisoe joalo, hore e mong le mong ea lumelang ho eena a be le bophelo bo sa feleng.”(Johanne 3:14-15).

c. Boporofeta bo ile ba phethoa Thabeng Calvary lilemong tse likete tse peli tse fetileng ha a ne a thakhisoa sefapanong se hoashang.

d. Ho tloha Calvary, thuto ea sefapano seo Jesu a thakhisitsoeng ho sona e bile bohlokoa ‘me e ntse e tsoelapele ho ba bohlokoa tumelong ea bakreste.

2. Bohlokoa le botebo ba seo sefapano se se bolelang ha boa thehoa holima sebopeho sa patsi eo a ileng a thakhisoa ho eona.

a. Sefapano se bonahalang e ne e le lets’oao la mahloko le ho soaba, ho rialo George Benard sefeleng sa hae, “The old rugged cross.”

b. Ha re tsebe se ileng sa etsahala ka likaroloana tseo tsa patsi e neng e entse sefapano.Ha re ka li fumana,ho ka ba bohlokoa hore re li boloke e le tsa lintho tsa rona tsa bohlokoa.

10

3. Bonnete ba sefapano sa Jesu ka boeena.

a. Ke ts’enolo ea Molimo ‘Moloki oa lefatse.

b. Ke mosebetsi oa Kreste oa pholoho.

c. Ke ho inehela hoa Hae.

d. Ke kahlolo ea lefu,e seng ka baka la sebe sa Hae,joaloka lisenyi tse peli tse neng li thakhisitsoe le eena.

e. Ke Kreste,ea ileng a hlokofatsoa ka baka la rona,ea nkileng ho soaba ha rona ho ea felleng la lefu la sefapano.

f. Ke Kreste,ea ileng a aroloa le Mollimo,a ba sefapanong lihora tse tharo ka lebaka la libe tsa rona.Karohano ena ile ea arola kopano e hlollang e sa feleng eo a neng a na le eona le Molimo ho tloha bosafeleng.

g. Ke lefu la Hae.

h. Ke ho tsamaea a le mong hoa Hae khohlong ea lefu sefapanong kantle le ho ts’elisoa ke Molimo.

i. Ke ho kokobetsoa hoa Hae-ho oa hoa bophelo ba Hae joaloka thokolo ea koro (Isaia 53; Bafilipi 2:5-8).

j. Ke boithaopo ba ho fana ka eena ha Hae.

k. Ke ho iketsa sehlabelo hoa Hae.

l. Ke ho hlokofatsoa ha bosebeletsi ba Hae.

4. Ho na le sefapano se seng seo Jesu a phahamisitsoeng ho sona sena ke sa bolateli ba Hae.

a. Uena joaloka molateli oa Kreste,u lokela ho itela,le ho nka sefapano sa hao u latele Kreste.

b. Sefapano seo ke uena-ke bophelo ba hau.ke pitso ea hau eo Kreste a phahami- soang ka eona.

c. Ha Jesu a re bitsa ‘me a re laela ho mo latela,re lokela ho nka sefapano sa rona (bophelo) ‘me re mo latele moo re tla thakhisoa,joaloka thokolo lea koro,re shoele libeng ‘me borona ba khale bo thakhisitsoe le eena(Baroma 6:1-4).

d) Jesu Kreste o jere sefapano sa hae a le mong. Simone oa Sirena ha a ne a mo thusa o ne a nka let’soao e seng sefapano seo Kreste a neng a se jere.

1. O ile a thakhisoa a le mong sefapanong

2. O ile a hlokofatsoa a le mong

3. O ile a siuoa a le mong sefapanong ha Molimo a ne a mo furaletse.

e) Sena leha se sa etsahala ho rona

1. Re thakhisoa le Kreste (Bagalata 2:20)

11

2. Re hlokofatsoa le eena (Bafilipi 3:10)

3. Re shoa le eena (Baroma 6:3)

4. Re patoa le eena hape re tsoha le eena (Baroma 6:4)

f) Ha re mo latela leetong lena le leholo la pholoho, ho thakhisoa hoa borona ba khale ha bo tsohe empa borona bo bocha boa hlahisoa, motho ea mocha o tsoha a na le kopano le mopholosi (Baroma 6:6)

Qetello:

1. Bophelo bo bocha boo re bo phelang ha se ba rona, ke Kreste ea bo phelang ka rona le ka ho rona (Bagalata2:20)

2. Motho ea mocha ea ho Kreste oa khona ho phahamisa Kreste.3. Ha re nka Sefapano sa rona re mo latela, re arolelana le eena mahloko a hae ‘me re

etsa le tse boletsoeng ka holimo.4. Ha Sefapano seo u se jereng se ba boima, u khathala u oela, Jesu ke Simone ea tla u

thusa (Mattheu11:28-30; Bafilipi4:13)

Ka Dr Enoch Litswele Former Assistant to Regional Director for Africa

12

Ho keteka khalalelo- lethathamo la lithero Beke ea 1

HO ETSA HORE PHOLOHO EA RONA E PHETEHELengolo: Mareka 1: 8

Selelekela:

Pholoho ke potso e hlalosang ho ngongoreha ha bakreste ba bangata. Ba bang ba ke ke ba cho hantle hore na bana le bonnete ba hore na ba bolokehile kapa che. Ha u ba botsa ka bo mong ba re “Ha ke tsebe”. Re bilelitsoe ho pholosoa re sa le lefat’seng ‘me pholoho ea rona e lokela hoba e phethahetseng. Lengolo le pakahatsa nnete ena; ‘me ke litaba tse kholo ka ho fetisisa. Kolobetso ka Moea o halalelang e etsa hore pholoho ea rona e be e phethahetseng.

1. E mong le e mong o botsa litaba tse molemoa) Litaba tse molemo tsa matla a tsoang holimob) Litaba tse molemo tsa Jesu Kreste

1. T’soarelo ea libe (mosebetsi oa pele oa mohau)2. Kolobetso ka Moea o halalelang (mosebetsi oa bobeli oa mohau)

2. Kolobetso ka metsi ( Johanne mokolobetsi)a) ho fumana t’soarelo ke litaba tse molemob) t’soarelo kapa kolobetso ha li fetole motho

3. Ke let’soao le hantle le bonahatsang se etsahetseng ka hare a) Ea t’soaretsoeng a ka tsoelapele a ntse a etsa libe. b) Motho ea kolobetsang ba bang o sitoa le ho fihlella pelo ea ea kolobetsoang. c) Balumeli ba bangata ba fella feela t’soarelong ea libe ‘me ha ba labalabele ho hong ho tebileng.

4. Kolobetso ka Moea o halalelang (Jesu Kreste) a) E ea hlokahala ka lebaka la sebe se teng bophelong ba molumeli. b) Ha se mosebetsi oa motho joalo ka kolobetso ea metsi. c) E etsoa ke Jesu Kreste. d) Ke polelo e teng bophelong ba motho ea t’soeretsoeng. e) Ke pont’so/letsoao la pholoho ea rona. f) Ka ntle ho eona pholoho ea rona ha e ea fella. g) E hloekisa pelo ea molumeli. h) Ha e tle feela ka sekotlolo sa silifera. i) Liteko li tla ba teng ‘me tse fetisisang. j) E thusa molumeli ho hlola sebe.5. Ho itukisetsa ho kolobetsoa ka Moea o halalelang a) Ho belaela hore e be u phela u ile ua etsa sebe. b) Ho labalabela ho kolobetsoa ke Jesu. c) Thapelo le boitimo e le ho bulela kolobetso d) Ho t’sepa lit’sepiso tse hlahang Bibeleng ka tlhoekiso. e) Ho qoba litloaelo tse mpe/fosahetseng.Qetello:Ho hlakile ho tsoa mangolong hore let’soao la poloko ea rona ke kolobetso ea Moea o halalelang eo Jesu Kreste a e etsang. Ho loka hohle hoa khutlisoa ka kolobetso ena, ‘me sena ke sona seo tumelo ea bokreste e labalabelang ho se fihlela.

Ka Dr Chanshi ChandaAfrica Middle Field Strategy Coordinator

13

Ho keteka khalalelo- lethathamo la lithero Beke ea 1

MORERO OA LEFU LA JESULengolo: Tite 2:11-15

Temana ea boikhopotso: Tite 2:14

1. O fana ka boeena ka boithaopo.a) O fana ka bophelo bo sa feleng ‘me o ile a bolaoa ka sehloho molemong oa

lefat’se (T’senolo13:3b).b) O fane ka boeena ‘me a siea khanya ea hae, “empa ha nako e baliloeng e se e

fihlile, Molimo o ile a roma mora oa hae a tsoaloa ke mosali (Bagalata4:4; Bafilipi2:5-8)

c) O fane ka boeena ha a ne a t’soaroa serapeng sa Gethesemane. A ka be a ile a bitsa lebotho la mangeloi ho tla mo sireletsa empa ha a ka ba a etsa joalo (Mattheu26:47-56).

d) O ne a na le matla a ho fana kapa ho nka bophelo ba hae (Johanne10:14-18)

2. O fane ka boeena hore a re pholose sebeng sa rona.a) Ho pholosa ho bolela ho busetsa ntho kapa motho sebakeng se neng se mo

lahlehetse.b) Ka lebaka la boetsalibe ba rona re ne re lahlehetsoe ke kopano le Molimo, empa

poloko ea Kreste ea re boelanya likamanong tseo.c) Mali a Kreste le bophelo ba hae e ne e le tsona feela tse neng li ka atleha ho re

pholosa (1Petrose1:18-21)

3. O fane ka boeena e le ho re hloekisa.a) Poloko ea hae ha e re tlose libeng tsa rona feela, empa e tlosa le semelo sa

boetsalibe lipelong tsa rona. Mohlala: bana ba Iseraele ba ne ba nt’sitsoe lefat’seng la Egepeta empa ho ne ntse ho hlokahala hore Egepeta e nt’suoe ka har’a bona (Numere11:4-6).

b) Tlhoekiso ena- khalaletso e etsuoa ka mali a Jesu Kreste(1Johanne1:9)c) Tlhoekiso ena e re etsa ba hae ka ho otloloha ha re t’soana le eena (ho t’soana le

Kreste)d) Tlhoekiso ena-khalaletso-pholoho-poloko ke mohau oa Molimo o re rutang hore re

re che ho tsohle tse sa hloekang le hore re re ee ho tsohle tse hloekileng(Tite2:11-13)

4. O fane ka boeena hore a tle a re etse ba labalabelang mesebetsi e metle.a) Mesebetsi e metle ea ho khanya ha rona bophelong bo halalelang bo nang le

boit’soaro (Mattheu 5:16)b) Mesebetsi e metle ea ho hasa litaba tse molemo tsa pholohoc) Rea nyakalla, re ba le thahasello joaloka Paulosi (Baroma 1:15)d) Re ba le thahasello hobane lerato la Kreste lea re khothatsa (2 Bakorinthe5:14)

Ka Dr Enoch Litswele.Former Assistant to Regional Director for Africa

14

Ho Keteka Khalalelo-Lethathamo la lithero Beke ea 1

HO SHOA LE HO PHELA LE JESU KRESTE

Lengolo: Baroma 6:1-23

1. Re lokela ho ba ntho e le ‘ngoe le Kreste lefung la hae.a) O shoele bakeng sa libe tsa rona e le hore rona ba neng ba le libeng re shoe

libeng tsa rona.b) Re ne re le libeng (Baefese2:1-5)c) Jesu o shoele Sefapanong sebakeng sa rona.d) Re kopana le eena lefung la hae ha re shoa libeng tsa rona (Baroma6:2, 6,11).

2. Re lokela ho ba ntho e le ‘ngoe lepatong la hae.a) Re patiloe le eena ka kolobetso (Baroma6:3-4)b) Sakramente ea kolobetso ke let’soao le pont’so ea selekane se secha sa

mohau.c) Re patiloe le Kreste ho Molimo (Bakolose3:3)

Rock of ages cleft for me, Let me hide myself in thee;Let the water and the blood,From thy wounded side which flowed,Be of sin the double cure;Save from wrath and make me pure.

3. Re lokela ho ba ntho e le ‘ngoe tsohong ea hae.a) Tsoho ea hae ebile tlholo e kholo holim’a sebe, lefu le lihele (1Bakorinthe15:54-

57)b) Ha re kopana le eena tsohong ea hae, motho oa rona oa khale oa felisoa

(Baroma6:4-6)c) Ha re tsoha le Kreste, lipelo le mehopolo ea rona e ipapisa le tsa leholimo feela

(Bakolose3:2-17)

Dr Enoch Litswele Former Assistaznt to Regional Director for Africa

15

Ho keteka khalalelo-lethathamo la lithero Beke ea 2

BATHO BA FEELA PITSONG E HLOLLANG EA BORUMUOALengolo: Johanne15:4-5

Selelekela:

Re batho ba romiloeng, ‘me re romiloe lefat’seng ”ho nt’setsa pele ‘Muso oa Molimo ka boitokisetso le ho holisa khalalelo ea bakreste joaloka ha e hlaha mangolong”(Buka ea tsamaiso ea 2009-2013), ea kereke ea Nazarene.Re rometsoe lefat’seng ho ba baemeli ba ‘Muso oa Molimo lefat’seng lohle.Re rometsoe ho ama maphelo a batho, meetlo le mehlobo eohle ka Evangeli ea Jesu Kreste.

1. Mafolofolo a rona a it’setlehile ka ha lula ho Kreste hoa rona.a) Jesu o itse, “Lulang ho nna le nna ho lona. Joaloka ha lekala le ke ke la

beha litholoana ka bolona ha le se sefateng sa morara, ho joalo le ho lona ha le sa lule ho nna. Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ea lulang ho nna, le nna ho eena, o beha litholoana tse ngata hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.(Johanne15:4-5)

b) Re lokela ho ba ho Kreste re lule boteng ba hae hobane ha re etsa joalo, o tla re tataisa le ho re tsamaisa. O tla re fa bohlale, matla le mohau. O tla re thusa ho etsa mosebetsi oa hae.

c) Senotlolo sa ho lula ho eena ke ho utloa lentsoe la hae: ”ha le boloka litaelo tsa ka, le tla lula leratong la ka, joaloka ha ke bolokile litaelo tsa Ntate, ‘me ke lula leratong la hae.(Johanne15:10)

2. Mafolofolo a rona a it’setlehile ka ho ela hloko mosebetsi oa Moea o Halalelang.a) Athe ha eo, e leng Moea oa nnete a etla, o tla le tsamaisa nneteng eohle,

hobane a k eke a ipuela tsa hae, empa o tla bua tseo a li utloang,’me o tla le tsebisa tse tlang.(Johanne16:13)

b) Ho ela hloko litaelo tsa Molimo ho bohlokoa, ha re etsa sena re lula ho eena.

c) Re lokela ho ba selekaneng sa ho t’sepahalla ho utloa lentsoe la Molimo le ho le tlatsa lefat’seng lohle. “Moea oa nnete… o tla le tsamaisa … nneteng eohle”. Empa re lokela ho mo ela hloko ka linako tsohle.

Qetello:

Na u ka rata ho kena selekaneng sa ho lula ho Jesu kajeno?

Ka Dr Filimao Chambo.Regional Director for Africa

16

Ho ketek khalalelo- lethathamo la lithero Beke ea 2

MEMO HO TSOA HO MOLIMOLengolo: Genese17:1-2

Selelekela:

Molimo o ile a iponahatsa ho Abrahama ho tiisa t’sepiso eo a mo etselitseng eona le Sarai (Genese12:15). Nako ena e ne e se ea pele Molimo a iponahatsang ho Abrahama. Likhaolong tse fetileng Molimo o ile a iponahatsa ho Abrahama ‘me a etsa selekane le eena. Molimo o ile a t’sepisa Abrahama le Sarai mora, ‘me ka bona o ne a tlo hlohonolofatsa lefat’se, leha ho le joalo, lilemo ha li ntse li feta, ho ne ho bonahala e ka Molimo ha a sa tla phetha t’sepiso ea hae. Abrahama le Sarai ba tsofala ho ntse ho se mora eo Molimo a ba t’sepisitseng eena. Ka mor’a lilemo tsena tsa pherekano, le ho soaba, Molimo a iponahatsa hape ho Abrahama ho nchafatsa selekane sa hae. Se neng se tla etsa hore morero oa Molimo o phethahale, o ne o hloka hore Abrahama a ‘ne a tsoelepele ho t’sepahalla Molimo le litsela tsa hae.

Molimo o memela Abrahama ho tsamaea ka bohloeki.Lentsoe ho hloka sekoli, le na le litlhaloso tse ngata, ho bolela ho loka katamelong ea hau, boit’soarong, ho ba le nnete, ho phetheha ka hohle, ka ho fetisisa, tlhoeko, litloaelo tse ntle, ho hloka ho nyatseha, ho pela bophelo bo se nang sekoli, ho hloka molato, bophelo boo e leng mohlala, ho hloka ho kheseha. Molimo o biletsa bana ba hae ho hloeka katamelong le hore e be mehlala ea bophelo ba khalalelo bathong ba ba potileng. Bana ba Molimo ba lokela ho phela bophelo bo hlokang sekoli. Jesu o itse bukeng ea Johanne13:34, katamelo ea rona e lokela ho tataisa ba bang ho tseba hore re barutuoa ba Kreste.

Potso ke hore na sena se bolelang kerekeng ea joale.

1. “Ke Molimo o matla oohle”(El-shaddai)a) Molimo o tiisetsa Abrahama hore ke Molimo o matla oohle (El-shaddai).

Sena se bolela hore ke Molimo ea nang le matla, Molimo ea matlafatsang, ea fanang le Molimo ea khotsofatsang.ke Molimo ea fanang ka ho phetheha, ea nang le matla oohle, ea t’sepahalang ho etsa tsohle tseo a li t’sepisitseng le ho phethahatsa merero eohle ea hae.

b) Molimo o boela a tiisetsa Abrahama hore o ntse a ka khona ho mo fa ngoana. Ha a beheloa tekano le nako le lilemo. Lintho tsohle lia khonahala ka Kreste. “Hobane ha ho letho le ha le le leng le ka sitang Molimo” (Luka1:37)

c) Molimo o ne a batla Abrahama a ele hloko hore o ne a le teng tlholehong ‘me ke eena ea nang le matla oohle a bileng a fanang ka bophelo. Ho ne ho le bohlokoa hore Abrahama a ele hloko ea buoang.

2. Memo ea ho tsamaea- tsamaea pel’a Molimo.

Memo ea Molimo kea batho bohle (likarolo tsohle, likereke tsa lehae, motho ka bo mong) ho tsamaea pel’a Molimo o sena sebe hohang. Lentsoe ho tsamaea le ka bolela ho ela hloko litaelo tsa Molimo, ho shoa, ho bonahala le ho tla o tsamaea le ho ea le eena. Taba e kholo ea pitsong ea Molimo ho batho ba hae hore ba tsamaee le eena, ba ele hloko litaelo tsa hae, ba shoe bo bona ‘me ba tsamaee le Molimo ho lokeng. Ka memo e sa feleng ea ho phela boteng ba Molimo. Ka tsela e t’soanang le ho Abrahama le Sarai, kereke kajeno e teng lefat’seng le nang le

17

meetlo le litloaelo tse sa tlotliseng Molimo. Kereke ha e ea lokela ho tsamaea ka litsela tsa lefat’se empa e lokela ho fetoloa le ho nchafatsoa ke Moea oa Molimo (Baroma12:1-2) ho bonahatsa mohlala lefat’seng oa bophelo bo leng ho Kreste.

3. Memo ea ho loka: tsamaea pel’a Molimo ‘me u hloke sekoli.Memo ea ho loka ke memo ea ho mamela le ho ananela khalalelo (sheba Baroma12:1-2). Bana ba Molimo ba biletsoa ho t’sepahala boteng ba hae (Pesalema89:15). Ho bohlokoa ho lula boteng ba hae hobane ke ka eena le ho eena motho a matlafatsoang ho phela ka ho loka. Ba latelang likeletso tsa ba khopo ba sitoa ho phela bophelo ba ho loka hobane ba tletse ka bokhopo, ke lebaka lena re eletsoang ho se ananele likeletso tsa batho ba khopo (Pesalema1:1). Ho ka etsoa qeto ea hore ba tsamaeang ka ho loka:

a) Ha ba tsamae le ho ananela keletso tsa ba khopo. Se ke oa etsisa batho bao ha ba phela (Pesalema1:1;Baroma12:1)

b. Ba sesefa bobe ‘me ba etsa se lokileng- ba utloa Molimo le lentsoe la hae.” Uena u t’sepahale ka ho tlala ho Morena Molimo ua hau” (Deuteronoma18:13)

b) Ba lula nneteng ea lentsoe la Molimo, ba le nahanisa bosiu le mot’seare (Pesalema 1:2). Lentsoe la Molimo ke matla Molimo a pholoho ea e mong le e mong ea lumelang (Baroma1:16).” Le tla tseba nnete ‘me nnete e tla le lokolla” (Johanne8:32sheba Baroma 6:22).

c) Ba it’setlehile ka matla a Molimo ‘me ba labalabela ho tseba le ho latela thato ea hae likarolong tsohle tsa bophelo ba bona. Katamelo eohle ho Molimo!”Morena o emeletse thoko, thoko le ba khopo, thapelo ea ba lokileng o e sekehela tsebe.

Qetello:

Molimo o biletsa balateli ba hae ho Kenya t’sebetsong khalalelo. O bitsetsa kereke ea hae ho tsamaea ka pel’a hae ka bot’sepehi le ho hloka sekoli likarolong tsohle tsa ho phela ha eona. ’ Ho lehlohonolo ba metsamao e hlokang koli, ba tsamaeang ka molao oa Morena(Pesalema119:1). Morena ke mang ea ka lulang ka Tempeleng ea hau? Ke mang ea hahang thabeng ea hau e halalelang? Ke ea metsamao e se nang sekoli, ea etsang tse lokileng, ea buang nnete e tsoang pelong ea hae.(Pesalema15:1-2)

Molimo o re memela ho tsamaea ka ho loka le ka hlompho eohle. O na le matla’ohle ‘me oa khona hore are fe bophelo bo bocha. Ha re tla ho eena ka tumelo hore a re hloekise, oa t’sepahala ‘me oa khona hore a re hloekise.

Ka Dr Filimao Chambo Regional Director for Africa

18

Ho keteka khalalelo- lethathamo la lithero Beke 2

SEFATE SA NNETE LE MAKALA A NNETELengolo: Johanne 15:5-8

Selelekela

Molimo o batla hore batho ba hae ba behe litholoana hobane o batla kotulo.Ho beha litholoana ho amana haholo le morero oa Molimo bakeng sa maphelo a rona.

Isiraele e t’soant’soa hantle le sefate se chesitsoeng ke mollo (Ezekiele19:12), ha e ne e le sefate se khethiloeng hore se hlahise morara. Ke ka lebaka lena Jesu a sebelisang mantsoe ana, “Ke ‘na sefate sa nnete sa morara” (Johanne15:1)

1. Kopano le Jesu e lokela ho hlahisa litholoana(Johanne15:5)a) “Ke nna sefate sa morara”- mohloli oa bophelo.b) “Lulang ho nna “- boemo ba kopano, ba bonngoe, thapelo le kholo.c) “Ka ntle ho nna”- ke tlhoko- kopano e phelang le Kreste ea hlokahala;

kantle ho eona ha ho na letho le ka atlehang.

2. Litlamorao le t’senyeho e bakoang ke ho arohana le Jesu (Johanne15:6)a) Motho ea sa luleng- ke hore ea tlohang sefateng sa nnete sa morara oa

lelekoa.b) “ Ho omella”-ha se se etsahalang khale,kahlolong empa ke e ‘ngoe ea

litlamorao tse bakoang ke karohano.c) “Le lahleloa mollong hore le chesoe”- lefat’seng lohle, le tsamaisoang ke

litloaelo tsa lona le melao ea lona, ntho e bohloko e etsahala ha motho a ikarola le Kreste. (Johanne13:30; Mattheu27:5)

3. Kopano le Kreste ke boemo ba takatso e kholisitsoeng(Johanne15:7)a) “Ha le lula ho nna lipolelo tsa ka li lula ka ho lona”- motho o sitoa ho rapela

ka mokhoa o lokelang kantle le ho tseba le ho lumela thuto ea Kreste.b) “ kopang seo le se batlang, ‘me le tla se neoa”- Taba-tabelo ea rona ke ho

ipapisa le boeena ba hae. Ka linako tsohle re lakatsa le ho labalabela ho t’soana le eena, ho ela hloko mosebetsi oa hae le ho tsamaea ka tsela tsa hae,”Thato ea hau e etsoe” (Mattheu6:10; 26:39).Ho labalabela ‘Muso oa hae.

Qetello:

Molimo o lebeletse litholoana.Ona le lebaka la ho lebella litholoana ho tsoa baneng ba hae.Haeba re ikemiselitse ho nka karolo morerong oa Molimo oa ho ronngoa re tla beha litholoana.Bakreste bao maphelo a bona a lutseng ho Kreste, ba matlafatsoang ke Moea o halalelang, ba tla beha litholoana.

Ka Rev Collin Elliott. Africa South Field Strategy Coordinator

19

Ho keteka khalalelo- Lethathamo la lithero Beke ea 3

HO PHALLA HA MOEA O HALALELANG.Lengolo: Johanne7:37-39

Selelekela

Jesu Kreste ha a batle ho tima lenyora la rona la semoea empa o batla hape ho re tlatsa ka Moea o halalelang e le hore le rona re be mohlooli oa bo’me’ le bontate ba bang ba nyoriloeng.

1. Mofuta oa metsi a phallang ho tsoa ho rona-(Noka)

Haa ema,haa eshoa,haa silafala joalo ka metsi a teng lefats’eng a silafalitsoeng ke lintho tse ngata.

a) Tefelo.b) A sa feliseng lenyora la moea. c) A nang le chefu ‘me a bolaeang.d) A sa faneng ka bophelo le ts’ehetso.

2. Tekanyo ea metsi a phallang ho ronaa) A lekane molemong oa motho e mong le e mong.b) A lekane ka linako tsohle-ka linako tsohle tsa selemo, ha e be lek’hoa,ha ho

che lilibeng tsa ona hape haa fihleloe ke komello.

3. Mohlooli oa metsi ana ke Moea o halalelang lipelong tsa balumelia) Ke ho phethahala hoa Moea o halalelang oo Molimo a o ts’episitseng (Joele2:28-29).b) Moporofeta Esaia o ile a paka (Esaia55:1-13).c) Ho phetheha hoa Moea o halalelang ho fumaneha ho balumeli ba tlileng ho Kreste

(Baefese3:14-21).

Qetello

Bakreste ba tlatsitsoeng ka Moea o halalelang ba tletse ka boteng ba Moea o halalelang oa Molimo.Baa tseba hape ba kene ts’ebeletsong ea ho phetha thomo ea Molimo ‘me ba etsa barutuoa ba ts’oanang le Jesu lichabeng tsohle.

Rev Collin Elliot Africa South Field Strategy Coordinator

20

Ho keteka khalalelo Lethathamo la lithero Beke ea 3

BAKOLOTI BA EVANGELILengolo: Baroma1:8-17

Selelekela

Paulosi o ile a hola a na le tabatabelo le takatso e kholo ea meetlo le tumelo ea Bajuda.Ha a ngolla bafarisi o re, “Le ‘na ke ne ke ka ts’epa tsa batho.Haeba e mong a hopola hore a ka li ts’epa,e ne e ka ba ‘na oa pele.Ke ile ka bolotsoa ha ke le matsatsi a robeli.Ke moiseraele ka tsoalo oa leloko la Benjamine,ke moheberu oa ‘mankhonthe.Ka nqeng ea cheseho ke ne ke le mohlorisi oa kereke;ka nqeng ea ho loka ho tsoang molaong,ha ke nyatsehe(Bafilipi3:4-6).

“Ke takatso ena e ileng ea mo khothatsa ho ba le thuto e phahameng ea bajuda ka tlasa baithuti ba sejuda joaloka Gamaliel (Liketso22:3.). Ka mora likapeso ho tsoa sekolong se phahameng takatso ea hae e ile ea mo etsa mosireletsi e moholo oa moetlo le tumelo ea bajuda”.

“A ntse a pipitlellane ke moea oa ho sokela le oa ho bolaea barutuoa ba Morena” (Liketso9:1) a hlorisa kereke tseleng ea hae ea ho ea Damaseka, a ntse a pipitlellane ke takatso ea hae joalo, Molimo a iponahatsa ho eena ‘me a fetola bophelo ba hae, a ba a tlosa ho eena ho pipitlellana hoa ho hlorisa barutuoa.

O ile a fuoa takatso e ncha-takatso ea ho ruta evangeli ea Kreste.E ile ea ba takatso ea lerato la Kreste le neng le mo tlama ho sebeletsa Molimo le balichaba ba neng ba hloiloe ke bajuda (2 Bakorinthe 5:14)

O ngola sena ho Bafilipi3:7-9 “Empa tse neng li le moruo ho ‘na ke li entse ts’enyeho ka baka la Kreste.Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tsenyeho,ha li ka bapisoa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste ,Morena oa ka, eo ke lahlileng tsohle kalebaka la hae ,‘me ke li entse lithole ke tle ke rue Kreste; ’me ke fumanoe ho eena ke ena le ho loka eseng hoa molao empa ho leng ka ho lumela ho Kreste,ke hore ho loka ho tsoang ho Molimo ka tumelo.”

Charles Wesley o bonts’a hhantle seo Paulosi ileng a se utloa ha a bona Jesu ponong eo:

“Ha ke talima sefapano seo Morena oa khanya a shoeleng ho sona,seo e leng moruo ho ‘na ke se etsa tahleho ‘me kea kokobela.”

Ene e se takatso feela ea ho ea Roma,empa ho ea lefats’eng lohle le ho bolela evangeli lefats’eng lohle.Takatso ena e kholo e ile ea mo etsa hore a ikutloe a lokela a bile a sena litlhong.Ena ke pono eo a e boning ho tsoa leholimong ‘me o ne a keke a e latola(Liketso26:19)

1.O ne a lokela ho ruta evangeli-o ne a kolota

a) Ena ke puo ea baboloki ba libuka-Ea kolotang kea fumaneng ho hong ho tsoa mothong e mong ‘me a mo kolota.Rea kolota bohle hobane re fumane lerato la Molimo.

b) Eo re mo kolotang ke Molimo e seng bakherike kapa balichabac) Bosebeletsi ba rona ho Molimo ke bosebeletsi ho batho ba hae-ba bohlale le ba

lithoto(sets’oants’o sa nku le poli Mattheu 25:34-36)d) Mokoloto ke susumetso e kholo ea lerato(2 Bakorinthe5:14)e) Ho apesoa hoa hao ho tsoa bophelong ba sekolo se phahameng ‘me e lokela ho ba

ho qaleha hoa matla a lerato

21

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 3

Lerato la Molimo le morero oohle oa pholoho ke mpho e sa lefelloeng.Ha a lebella letho ho tsoa ho rona-re ke ke ra lefa.Lerato la hae le entse takatso lipelong tsa rona hore re re “REA LEBOHA” ho eena ka ts’ebeletso ea rona ea lerato.

2.O ne a labalabela ho rera evangeli-o ne a itokiselitse:a) Ho rera evangelib) Ho leka ho lefa mokoloto o moholo oa lerato “Nka tlisang ho eena ho bonts’a teboho

ea ka.Ha ke na se lekaneng;’me ke fana ka bophelo ba kac) Joaloka ha o qetile boithuto ba hao,u lokela ho itukisetsa ho tsoelapele ho loana ntoa

e molemo,ho matha lephallo le ka pela hao u ntse u bolokile tumelo (2 Timothea 4:7-8)d) Ho itukisetsa, ha u oa lokela ho apesoa ho tsoa sekolong se phahameng empa u

lokela ho apesoa ho tsoa sekolong sa Kreste.-Kamora ho koetlisa barutuoa ba hae,Jesu Kreste o ile a bolella barutuoa ba hae ho lebella ho fihlela ba tlatsitsoe ka matla ho tsoa leholimong(Luka 24:49)-Ka Letsatsi la pentekonta ba ile ba tlatsoa ka Moea o halalelang (Liketso 2:2)

e) Batho bao o ilo ba sebeletsa ha ba tsebe likatleho le boiphihlelo ba hao lithutong empa matichere a hao ke oona a tsebang ‘me le tseo tsohle li lirekoteng tsa ofisi ea bona.

f) Batho bao u ilo ba sebeletsa ha ba tsebe haeba u itokiselitse empa hang hang ha u tsoa sekolong ba tla tseba haeba u itokiselitse kapa u ikemiselitse.

g) Ba tla u bona ha u Kenya lintho ts’ebetsong ka nepo le ha u lumella leseli leo u nang le lona ho chabela ba bang le ha u sitoa ho le lumella ho chaba.

h) Thuto ea hao e u file tse latelang:1. Sohle seo u se hlokang ho phetha mosebetsi2. Bokhoni ba ho phetha mosebetsi3. Se u khethollang4. Moelelo oa thuto e le hore o phethe mosebetsi

i) Ha u tsoa sekolong,batho batla u lekola ‘me ba u fe se u lokelang-Ba ka u pasisa kapa ba u feilisa ba talimile tsela eo u phethang mosebetsi ka

j) eona.Boteng ba thahasello ea hao le ho ba sieo hoa eona,ho tla bonts’a se u lokelang(Mattheu 5:16)

k) Na u itokiselitse ho bina? “Ke itokiselitse ho ea”

3. O ne a sena litlhong tsa ho bolela evangelia) O ne a sena litlhong hobane Molimo o ne a li tlositseb) Ka mohopolo o motle,o ne a ikemiselitse a bile a thabela seo Molimo a tlang ho se

etsa ka eena ka matla a evangeli.c) O ne a thabile hobane Molimo o ne a tlo tlisa pholoho ho bohle ba tlang ho lumela ho

Krested) Matla a evangeli a sebetsa ka ho rona le ka ronae) Matla ao Paulosi a buoang ka oonake matla a sebetsang ka ho rona

“eena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka li kopang kapa tseo re ka li hopolang”(Baefese 3:20)

QetelloTakatso ena, thahasello le lerato li tla u thusa ho tsoelapele li be li u etse paki e kholo le ea hapelang meea ho tla ho Kreste.Kantle ho takatso le sephee u tla khathala matla,u hlolehe u be u inehele.Sepheeo sena se tla u thusa ho mamella liqhotso ‘me qetellong ea ho ruta ha hao u tla tseba hore, “Ke loanetse tsa Molimo senna,ke qetile thota ea peiso, ke bolokile tumelo(2 Timothea 4:7)

Dr Enoch H Litswele

22

Presented at NTC Graduation Service

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 3

BOPHELO BA KHALALELO-PITSO EA RONALengolo:Esaia 35:8

Selelekela

Morekisi ea tsebahalang oa likoloi “Nissan” o ne a na le lepetjo le reng “Bophelo ke leeto,natefeloa ke leeto.”Leeto le leng le le leng le na le pheletso likelellong tsa rona.

E mong le mong o leetong la bophelo ba hae.Re lokela hoba le pheletso ea leeto likellong tsa rona.

Esaia o buoa ka tsela eo ea lokileng a tsamaeang ho eona e le tsela e phahameng ea Khalalelo.Tlhaloso ea Wesley e re tsela e phahameng le tsela ha lia lokela ho nkuoa li fapane,empa li lokela ho nkuoa li ts’oana.Tsela e phahameng ke fats’e le phahamisitsoeng,’me tseleng ea khalalelo,ba tsameang ka eona ba lokile;Ba fokolang,lifofu le liritsa Molimo o tla ba tataisa a be a ba boloke.Tsela e tla batalatsoa hoo le ba maoatla ha ba tsamaea ho eona ba se nang ho etsa phoso.

1. Khalalelo ke mosebetsi oa Molimo a) Ha se ka mesebetsi ea rona e metle empa oa Molimo b) Levitike 20:8 e re “le boloke melao ea ka, ‘me le e phethe.Ke ‘na morena ea

le halaletsang.”2. Khalalelo e ea re tlama bohlea) Ke taelob) Levitike 20:26 e beha tjena,”le tla halalela le be batho ba ka,hobane ‘na morena kea

halalela.Ke le khaohantse le balichaba hore le tle le be ba ka.”3. Khalalelo e ea khahlaa) Joaloka ha leseli le khahla likokonyana,ho joalo le ka khalalelo bophelong ba molumeli

e hapela ba bang ho tsa ‘musong oa Molimo.b) Johanne 12:32 e re,” ‘me ‘na ha ke se ke phahamisitsoe,ke tlohile lefats’eng,ke tla

hulela batho bohle ho ‘na.”4. Khalalelo ke tekete ea ho ea ho Molimoa) Kantle le khalalelo ea bophelo,ha ho motho ea tla bona Molimo.b) Khalalelo e ea hlokahala kopanong le Molimoc) Davida oa botsa pesalemeng ea 15,”Morena, ke mang ea ka lulang ka tempeleng ea

hao e halalelang .”O ne a botsa,”Morena ke mang ea ka phelang kopanong le uena?” ‘Me karabo eo a ileng a fana ka eona litemaneng tse ‘ne o ile a li akaretsa ka hore,”kea phelang bophelo ba khalalelo.”

Mohlala:Ho ne ho na le moruti ea neng a ntse a kopanya lithupa hore atle a ts’ehetse leri ea hae.Ha a talima a bona moshanyana ea monyane a mo talimile.Eaba ha a re letho ho eena ‘me eaba o tsoelapele ho its’ebeletsa a nahana hore moshanyana o tla tsamaea.Empa ha a ka a tsamaea.Qetellong moruti a mo botsa,”O ntse o thonaka lithupa serapeng?” “Che,moshanyana a araba.”Ke empa ke emetse ho utloa hore na moruti,ha a otlile monoana oa hae ka hamore o reng?”

Qetello

Ho na le tsela e patisaneng le e hebe-hebe ho ea ka mattheu 7:13-14,pheletso ea leeto la bophelo leo u le nkileng ke efe?.

23

Rev Kenneth Phiri – Africa Regional NYI President

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 4

KHALALELO LE BOPHELO BA BOIT’SOAROLengolo: Esaia6:1-7

Selelekela

Palong eno ea lentsoe re bona khalalelo e fetola lithapelo tsa bophelo ba Esaia ho tloha bobeng ho ea botleng.

1. Khalalelo ea Molimoa) Khalalelo ke boleng ba Molimo e leng eona e mo etsang hore a fapane le

tlholeho eohle. Oa halalela.b) Khalalelo ke kakaretso ea seo Molimo a leng sona. Eena a le mong oa

halalela. “Ha ho ea halalelang joaloka Morena hobane ha ho e mong kantle ho uena, ha ho mosireletsi ea kang Molimo oa rona.”

c) Lintho tsohle li bopiloe ke eena, ‘me ha ho letho la tse hloliloeng le ka lekangoang le eena.

d) Khalalelo ea hae ha e bolele ho phetheha litsamaisong. Ha a halalele hobane a boloka litsamaiso.

e) O halalela hobane ke eena feela Molimo ‘me ke Molimo hobane a halalela a inot’si.

f) Ha ana khalalelo, empa ke khalalelo ka boeena- khalalelo ha se ntho e ‘ngoe e ikemetseng e le ‘ngoe kapa ntho e ‘ngoe e ka thoko ho eena.

g) Moo Molimo a leng sieo ha ho na khalalelo ‘me le moo khalalelo e leng sieo ha ho Molimo.

h) Litlhaloso tse fapaneng tsa lentsoe “KHALALELO” English – holiness=ho phetheha/ho khetholoha/ho hloeka/ho khanya Zulu –ubungwele=ka hohle/ho hloeka Tsonga-vukwetsimi=ho khanya

Nhluwuleko=ho aroloa Peli –bokgetwa= ho aroloa Tswana- moea o boits’epo= moea o t’sepahalang Sotho –bohalaleli= ho khanya Afrikaans –heiling= ho hloeka/ho phetheha.

2. Khalalelo ea bakrestea) Khalalelo ea bakreste e khonahala feela ka t’senolo ea Molimo- Esaia o ile

a bona Morena(Esaia6:5)b) Khalalelo ea bakreste ke khalaletso(tlhoekiso le ho arohangoa) ha balumeli

ka Moea o halalelang le ka Jesu Kreste.c) Khalaletso, ho khanya le bots’epehi tsona li qala ha motho a baka, ha

aroloa le libe ‘me a tla ho Molimo (Johanne1:12d) Khalaletso, ho khanya le bot’sepehi tsona li tsoelapele ka bot’sepehi

khanyeng, ho fihlela re fihlela tabatabelo ea rona ea bobeli ha re aroloa le Sebe seo e leng “ho ikhaba/motho oa khale/semelo sa sebe/ le sebe sa tlhaho” ‘me e be re qalella ho ikhaba ka Molimo. Mohlala- ho koetlisa ntja ho fetola eona ntja ebe e se ba ntja e ncha.(Bagalata2:20)

e) Ka mor’a mosebetsi oa bobeli oa mohau, khalalelo/le bot’sepehi li tsoelapele ho hola ho tloha khanyeng ho isa khanyeng le ho tloha mohaung ho ea mohaung kamehla ha a ntse a re tataisa.

f) Khalalelo ha e re etse Molimo ntate, Mora kapa Moea o halalelang empa e re etsa hore re t’soane le Kreste.

24

g) Kholo ena e tsoelapele, re bina ka thabo ena; “tsatsi le leng le le leng le Jesu…”

h) Enoa ke mohalaleli oa Iseraele, Esaia o ile a bona pono e hlollang e ileng ea fetola tsela ea hae ea bophelo (Esaia6)

3. Khalalelo le bophelo ba boit’soaro ke tsa bahalaleli hobane;a) Ba tseba ka lebaka la mangolo, botle boo ba lokelang ho bo etsa le bobe

boo ba sa lokelang ho bo etsa(Mikea6:8)b) Tsela ea katamelo ea bona ha e ea ngoloa Bibeleng feela, e behiloe le

mehopolong ea likelello tsa bona hape e ngotsoe le lipelong tsa bona.(Jeremiah31:31-34). Mohlala e ka ba tsela ea ho phela e fetohileng ea motho ea bakileng e seng le mokreste.

c) Letsoalo la bona le hloekisitsoe ka mali a Kreste, ‘me ba ela hloko se sebe le se hloekileng.

d) Tsela ea Esaia ea ho phela le boit’soaro ba hae li ne li sa khahlisi, le hoja a ne ale boruting, ho fihlela letsoalo la hae le hloekisitsoe.(Esaia6:5-6)(letsoalo le letle ke le bonesetsoang ke moea oa nnete, ‘me o etsa hore liqeto tse etsoang, li be ho ea ka lipehelo tsa lentsoe la Molimo(H. Orton Wiley)).

e) Khalalelo ea hae e ile ea etsahala ha a rapela aletareng a lla: “aa nna eloa, ke malimabe hakaakang,ke timetse ke motho ea lipuo li mpe,’me ke phela har’a sechaba se lipuo li mpe. Mahlo a ka a bone khosi,Morena oa mabotho.

f) Ka leshala la bophelo la Moea o halalelang, Molimo a ama bophelo ba Esaia ‘me a mo hloekisa sebeng sa hae.

g) Leshala la bophelo la fetola bophelo ba hae ‘me la moetsa mokreste ea khanyang mollong oa khalalelo joaloka ts’epe ka har’a mollo o chesang.

Qetello:

Na u utloa sehlopha, se sa leholimo sa liraphime tse binang:(o ea halalela)

Ha li ntse li bina, Molimo o bonahatsang tlhoko ea semoea bophelong ba hao? Haeba ho joalo, nka u khothaletsa ho tla aletareng ea thapelo joaloka Esaia ha a ile a etsa. Mopholosi o emetse ho fihlella tlhoko ea hao.

Dr Enoch Litswele.

25

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 4

RE LOKELA HO HALALELA HOBANE HO NGOLILOE JOALO

Lengolo: 1 Petrose1:13-2:3

Selelekela:

Hore ntho e be e tlamellang le e molaong re e ngoloa fat’se.

1. Taelo ea hore re halalele e ngoliloe ke Molimoa) Ke taelo ea hore

Re phethehe joaloka ha Molimo a phethehile Re hloeke lipelong tsa rona Re arohane le sebe ‘me re aroleloe ho Molimo Re t’soane le Kreste

b) Taelo ena e ea tlamella, e molaongc) Khalalelo ke boleng ba Molimo a inot’si ‘me e mo etsa hore a fapane le

tlholeho eohle.d) Khalalelo e ngotsoe ho eena ka ho sa feleng ke eena mohalaleli oa

Iseraele.e) E ngotsoe tlholehong ea hae(Gense1:3, Pesalema19:1-2)”o moholo

hakakang”f) E ngotsoe Bibeleng e halalelang(Levitike11:44,19:2,20:7)g) Lengolo lohle le re laela ho halalela(2Timothea3:15)h) Libuka tsohle tsa bokreste li ngotsoe ho re bolella hore re halalele.

2. Litaba tsena tsohle tse ngoliloeng ka holimo lintle li bile lia thusa,empa e seng holekana

a) Tsebo e ka hloohong ka Molimo ea halalelang ha e fetole mothob) Molaetsa o molemo oo re o fumanang ho tsoa ho tsohle tse halalelang tse

bopiloeng ke Molimo ha li re fetolec) Molao o ngoliloeng oa Moshe ha oa ka oa fetola baiseraele,empa e ile ea ba

moetapele oa sekolo a ileng a ba tlisa ho Kreste (Bagalata 3:24)d) Libuka tse ntle tsa Bakreste li tlo re thusa ho tseba litema le ho rutela empa li ke

ke tsa re fetola.

3. Selekane se secha (sengotsoeng bocha) se ts’episitsoeng ke Molimoa) Sena se fumanoa bukeng ea Jeremia 31:33-34b) Khalalelo ea rona ha e ea lokela ho ba melomong le likelellong tsa rona feela,empa le

lipelong tsa rona(Mattheu5:8)c) Lefats’e le hloka ho bona maphelo a halalelang a fetotsoeng le ho utloa hore na re

tseba ha kae ka khalalelod) Khalalelo e fetola buka ea khale ea bophelo ba rona,bo hlalosoang ho Bagalata 5:19-

20,e le hore bo bolokoe joaloka ha bo hlalosoa hape ho Bagalata 5:22-23.e) Mali a Kreste ke ‘ona a khonang ho hlakola matheba- theba a teng a sebe(1Petrose

1:18-19)f) Mongoli oa pina o ne a nepile ha a re “Ke eng se ka hlatsoang sebe sa ka?ha ho letho

ka kantle ho mali a Jesu.Ke eng se ka etsang hore ke phethehe hape? ha ho letho kantle ho mali a Jesu.Oh ho hotle hakakang ho phalla ho nketsang hore ke boele ke khanye.Ha ho letho leo ke le tsebang ha ese mali a Jesu”

g) Ho thoe Jesu Kreste ha a so ngole buka empa ke ‘nete hore o ngotse libuka tse limilone tsa bophelo ba khalalelo

26

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 4

h) Leseli la khalalelo le lokela ho khanya hantle e le hore batho ba bone ba be ba bale liketso tsa rona tse ntle(Mattheu 5:16)

i) Banna le basali ba halalelang ka libuka tse ntle tse phelang(2 Bakorinthe 3:1-3)j) Bibele ke buka e rekoang haholo,empa mokreste ea ts’oanang Kreste o rekoa ka ho

fetisisa.

QetelloKhalalelo ea mokreste ke sets’oants’o sa Molimo se ka ho rona.-Ke tokomane e re khethollang e nepahetseng -Ke seaparo sa rona se phahameng sa ntoa-Ke pasa ea baahi ba leholimo-Ke leliboho le re lumellang ho fetola ho ea boteng ba Molimo ea halalelang(Baheberu 12:14)Mongoli oa pina o ne a tsetselela tokomane ena e mo khethollang ha a tla ngola“Ho ts’oana le uena,ho ts’oana le uena ‘Moloki ea hlohonolofetseng ea pelo e hloekileng,tloho ka botle ba hao, tloho ka ho phetheha hoa hao u ntake ka sets’oants’o sa hao pelong ea ka.

27

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 4

HO KHANYA HOA SEFAHLEHO SA MOLIMO HO RONALengolo: Pesalema 67; Numere 6:22-27;Ts’enolo1:16

1. Ho khanya hoa sefahleho sa hao ho rona ho ts’oana le ho khanya hoa Letsatsi holima libupuoa tsohle;ba lokileng le ba sa lokang

2. Ena ke thapelo ea ba lokileng-A ke a re talime ka mosa le ka ho re ananela-A ke a bososele ha a re talima

3. Ho khanya hoa sefahleho sa hae ka polelo e etsoang ke baruti ho batho ba lokileng (Numere 6:24-26)e lenga) Tlhohonofatso( thabo le nyakallo)b) Matla a bolokang(Juda 2:4)c) Mohau o lekaneng,o hlokahalang motsotso o mong le o mong oa bophelo(2

Bakorinthe12:9)4. Ho khanya hoa sefahleho sa hae ho moetsalibe ho tlisa kholiseho ha leseli

la letsoalo le senola sebe (Johanne 3:19-21;Baroma 2:14-16)5. Kamora hore Adama le Eva ba etse sebe, khanya ea sefahleho sa Molimo e

ile ea ba kholisa (Genese 3:8-10;Johanne 3:19-21).a) Moshe o ile a netefaletsoa ha a bona sehlahla se tuka hore bophelo ba hae

bo silafetse (Exoda 3:6)b) Esaia o ile a kholiseha ‘me a ipona a le molato ha a bona sefahleho sa

Molimo ka tempelengc) Davida le eena o ile a kholiseha a ba a ipona a le molato ka sebe sa hae

ha khanya ea sefahleho sa Molimo e mo fihlela ka moporofeta Nathane (Pesalema 51)

d) Paulosi o ile a kholiseha a ipona molato ha a bona khanya ho tsoa leholimong (Liketso 9:3-5)

6. Bokhopo ba moetsalibe bo pata sefahleho sa Molimo joaloka ha litloli tsa molao li pata lifahleho tsa bona ka lekhotleng (Esaia59:2)

7. Ha Jesu a shoa sefapanong, sebe sa rona se ne se re patetse sefahlelo sa Molimo (Mattheu 27:46).E na ke nako ea bosafeleng eo Molimo a ileng a tlohela Jesu Kreste.

8. Sefahleho sa Molimo se qalella ho khanya bophelong ba moetsalibe ea bakileng. (2 Likronike 7:14-15)

a) Ha moetsalibe a baka ,sefahleho sa leholimong se khanya ka thabo ea kananelo(Luka 15:7)

b) Ha motho a lokolloa teronkong, ha a pate sefahleho sa hae.9. Ho khanya hoa sefahleho sa Molimo ho phethoa ka kotloloho. Bophelong

ba motho ea halalelitsoeng ka hohle bo ts’oana le:a) Seipone se hloekileng se hlakileng se bonahatsang khanya eohle ho tsoa

letsatsing.b) Khoeli e bonahatsa khanya ea Letsatsi lefats’eng le fifetseng.Khoeli ha e

na khanya e leng ea eona empa e nka khanya ho tsoa letsatsing ‘me e be e tlisa khanya eo ho rona.Re lokela ho ba likhoeli tse feletsenng e seng 1/4,1/2 kapa3/4.

10. Re fumana khanya ea khalalelo ho tsoa sefahlehong sa Jesu se re chabelang.

a. Khanya ho tsoa sefahlehong sa hae e bona bokahare ba pelo joaloka Xray (Pesalema 139:23-24)

28

Ho ketekakhalalelo lethathamo la lithero Beke ea 4

b. Pelo ea Esaia e ile ea hlahlobua ke khanya ea Molimo ha a ne a rapela tempeleng (Isaia 6:1-7).

c. Jesu o re ha re etsa sehlabelo kapa monehelo aletareng,’me khanya le sefahleho sa hae se re bonts’a ho hong re lokela ho emisa ho rapela re lo lokisa litaba le bao re siteloaneng le bona (Mattheu 5:23-24)

d. Khanya ea hae e ea re hloekisa ‘me e re boloka re hloekile re halalela kopanong le eena (Genese 17:1,Johanne 1:7).

e.Joaloka khanya ea hae e re chabela re fitisetsa lefats’eng le fifetseng la baetsalibe.

11. Ho khanya hoa sefahleho sa Molimo holima rona ho etsa hore batho ba bone Molimo ka ho rona (Mattheu 5:16).

a. Sefahleho sa Molimo se ile sa chabela Moshe (Exoda 34:29-34).

b. Sefahleho sa Molimo se ile sa chabela Setefane (Liketso 6:15;7:54-56).

c. ‘Me sefahleho sa hae se re chabele kajeno.

d. ‘Me sefahleho sa hae se ke se chabele batho ba fetang 511 000 ba Manazarene

Tikolohong ea Afrika.

12. Joaloka ha sefahleho sa Molimo se re chabela,le rona,joaloka linaleli tse leholimong,re bonahatse khanya ea sefahleho sa hae holima lefifi la Semoea le holima Tikoloho ea rona.

Enoch H.Litswele

Former Assistant to the Regional Director for Africa

29

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 4

PELO E HLOEKILENGLengolo:Mattheu 5:8

“Ho lehlohonolo ba pelo li hloekile hobane ba tla bona Molimo (Mattheu 5:8)

Selelekela:

Khang holima litloaelo tsa meetlo e theola bohlokoa ba boits’oaro,’me uena u lokela ho etsa liketso tsa boits’oaro.Sena se hlakile.Empa,litloaelo ,ho ea ka’na,li fitisa boits’oaro,’me sena ke seo batho ba sa se hlokomeleng ka meetlo ea rona ha re se hlokolosi.

Ha re ntse re atleha ho bapala karolo e itseng ho batho bao re phelang le bona ka ho fetola tsela kapa litloaelo tsa batho ka mokhoa oo.Ho fokotsa seo motho a se etsang se bonahalang,ha ho fetole seo motho a leng sona kahare.Boits’oaro bo hlahisa motho kahare.O ka nna oa re ke taba ea pelo.

‘Me Jesu ha a ne a re “Ho lehlohonolo ba pelo li hloekileng,”O ne a tiisa hore re lokela ho lapela ho loka kahare.

1.Pitso ea ho hloeka pelong

a) Thutong ea thabeng,Jesu o sebetsana le lintho tse amang likarolo tsohle tsa maphelo a rona.Polelo ena e bonolo,”Ho lehlohonolo ba pelo li hloekileng hobane ba tla bona Molimo,”e ba tsela e matla ea ‘mapa o tla re fihlisa ho phethahaleng hoa ts’episo ea kopano ea motho le Molimo.Ke pitso ea ho hloekisoa pelong.Jesu o re boemo ba lipelo tsa rona ka pela Molimo bo bohlokoa haholo.Kannete,hoa bonahala hore ntho e tlang pele ho rona re le bakreste ke ho boloka lipelo tsa rona li hloekile pela Molimo.

1. Re ka atleha ho thetsa batho ho iketsa seo re seng sona.Re ka hlaha re le ba tsamaeang le Molimo empa ho se joalo Molimo a ke ke a thetsoa.Bukeng ea 1 Samuele16:7 re bala,”morena a re ho Samuele,u se ke oa talima sebopeho sa hae kapa seemo sa hae,hobane ha ke mo amohele.Morena ha a talime joalokaha motho a talima.Motho o talima sebopeho se kantle athe morena eena o talima pelo.”Ho hlakile hore Molimo o tlolisa mahlo chebahalo e kantle empa o talima boemo bo kahare e leng ba pelo.Re bala bukeng ea Liprovebia 21:2,”Tsela tsa motho kaofela li lokile mahlong a hae,empa Jehova ke eena ea lekanyang lipelo.”

b) Jesu o ne a bolelang ka ho hloeka ha pelo? Tlhoeko e bolelang? Na ho bolela ho hloka sebe?

1) Pelo ho ea ka mangolo ke kelello kapa mehopolo,cheseho le maikutlo.E bolela ho laola lithato tsa rona.Mongoli oa buka ea Liprovebia oa eletsa, ”Boloka pelo ea hao ka ho fitisisa,hobane ke mohloli oa bophelo (Liprovebia 4:23).Bukeng ea Mattheu 15:19, Jesu o re ,”Hobane mehopolo e mebe, lipolao,lipoko,mafebe, bosholu , liketselletso,le linyefolo li tsoa pelong .Pelo ke kelello le cheseho.Pelo e khetha boits’oaro.

2) Jesu ha a ne a buoa ka ba pelo li hloekileng o ne a buoa ka pelo e nang le khopolo e hloekileng.Lepelo tsa rona li bopiloe ka khopolo e le ‘ngoe le kopano ea thapelo ea rona.a) Jesu o itse ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli:hobane

kapa o tla hloea e mong a rate e mong (Mattheu 6:24)

30

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 4

b. Jakobo bukeng ea hae o re hopotsa hore “Ho rata lefats’e ke ho loants’a Molimo” ‘me o boela a re fa tharollo, “Baetsalibe hatlelang ,’me lona ba pelo li (Jakobo 4:4,8)

c. Ha re itekola khanyeng,re fumanang?Hangata rea fumana hore ha re fihlele lipehelo.Merero ea rona ha se hangata e sa kopa kopanang.Hangata merero ea rona e na le ho ikhaba.Ho na le hore re be le khopolo e le ‘ngoe ho Molimo le takatso e tebileng ea ho khahlisa Molimo re ts’oenyeha ke lintho tse molemong oa rona re le bang.

d. Pitso ea Kreste e hlakile.Ha rea lokela ho kopa kopanya lintho nakong ea boikhutso ba rona le Molimo.Ho joang ka uena? Na u nehetse pelo ea hao ho Molimo a inotsi?

2.Mokhoa oa ho hloeka pelonga) Re ka etsa hore lipelo tsa rona li hloeke joang?Ha re fumana hore merero ea

rona e kopa kopane,re ka etsa hore re be le khopolo e le ngoe ho Molimo joang.1) Hore re hloeke pelong re lokela ho bona tlhoko ‘me re arabele tlhokong eo.

Re lokela hore re tsamaee ka tsela eo re e boneng likarolong tse ‘ne tsa thuto ea thabeng. Joaloka “bafumanehi moeeng” re bona boetsalibe ba rona. Joaloka ba llang ,re baka ka sello se hloekileng sa libe tsa rona. Lipelo tsa rona li robehile kapela Molimo. Ke hore re ba bonolo ka pela Molimo. Boikokobetso bo ts’oaea bao Molimo o sebetsaneng le bona. Re tla sebakeng seo re lapelang le ho nyoreloa ho loka hobane ke ho loka feela ho khahlisang Molimo. Oona ke motheo oo re lokelang ho o beha haeba re lakatsa ho hloeka pelong.

2) Ona ke mokhoa o lebisang khalalelong. Ke seo Jesu a neng a se bolela ha a ne a re re jare sefapano sa rona kamehla.Ke ho batla Molimo kamehla lipelong tsa rona. Ke ho tla ho Molimo joaloka Davida ha a ne a rapela, “ Oho Molimo,u bope ka hare ho ‘na moea o tiileng (Pesaleme 51:10). Ke ho laba labela ka ho fetisisa.

3. Litlamorao tsa ho hloeka pelonga) Lebaka leo re lokelang ho hloeka pelong ke hobane batho ba hloekileng ke bona feela

ba tlang ho bona Molimo.1. Molimo o behetse ba pelo li hloekileeng kopano e tebileng le eena.2. Tlhoeko ea pelo ke eona e lokileng khokahanong ea rona ea

semoea le Molimo.3. Ha re lokile ‘me khokahano ea rona le Molimo e le maemong a

matle,re natefeloa ke ho fihlela khanya ea hae-pono ea borena ba hae.

4. O labalabela ho senola matla a hae ho rona.O laba labela hape le ho its’enola ka boeena ho rona e le hore re utloisise litsela tsa hae le hore re tsamaee ho tsona

b) Molimo o lakatsa ho ba le likamano le rona.O lakatsa hape hore re atlehe ho ‘mona,’me ena ke ts’episo ho rona-ke litlamorao kapa tholoana ea ho hloeka pelong.

QetelloBa hloekileng baa fokola molokong oa rona kajeno. Bafokola esita le likerekeng tsa.Empa ke lumela hore Molimo o re bilelitse hape khopolong ea bonngoe e khethollang bao a theolelang Moea oa hae o halalelang holima bona. Musong tsela ea ho ea holimo ke ho ea fats’e.Re lokela ho oa ka mangole re bake pele re ka fihlella khanya ea hae.Oho Molimo hloekisa lipelo tsa rona e le hore re tle re bone Jesu.

31

Rev Cosmos Mutowa – Africa Regional NCM Coordinator

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke eo 5

HO LULA BOTENG BA MOLIMO EA HALALELANGLengolo:Pesaleme 15

Selelekela

Levetike 19:2, “Halalelang hobane kea halalela nna Jehova Molimo oa lona.”Tempele e ne e na le kamore e kahare e neng e bitsoa sehalaleliso.Sena e ne e le sebaka seo Molimo a neng a lula ho sona.Boteng ba Molimo ke khalalelo. Baprista ba baholo e ne e le bona feela ba neng ba kena ka sehalalelisong hanngoe ka selemo ka Letsatsi la tokafatso.O ne a lokela ho etsa boitlhopho ka ho itlhatsoa,a apara liphahlo tse khethehileng, ‘me a nke mokubetso e le hore a tle a lokafatsoe ka lebaka la libe tsa sechaba(Baheberu 9:7).Ha moprista a kene a na le sebe ka sehalalelisong,o ne a tla shoela ka hona ka hare ho sona(Exoda 28:35-36).

Ho ea ka moetlo oa sejuda,thapo e telele e ne e tlamelloa ho moprista e moholo, ‘me e be karolo e nngoe ea eona e siuoang kantle.Ha tloloko e neng e tlamelloa ho moprista e ne e se e sa lle nakong eo a ntseng a le ka sehalalelisong,tekanyo ea hore o timetse e ne e lekoa ka hore ho huloe hantle thapo .Joaloka ha moprista a ne a lokela ho hloka sebe e le hore a hlahe ka pela Molimo ,ho bohlokoa le ho rona hore re hloke sebe e le hore re halalele hore re kene boteng ba hae.

1. Pesalema ea 15 e bonts’a tse hlokahalang tse supileng hore motho a tle a lule boteng ba Molimo ea halalelang

a) Metsamao e hlokang ho nyatseha(temana ea 2)b) A etse se lokileng(temana ea 2)c) A bue nnete(temana ea 3)d) A rate baahisane(temana ea 3)

1) Ea sa bueng ba bang hampe2) Ea sa etseng ho sa lokang3) Ea sa etseletseng ba bang

e) Le ha a entse kano,ha a e koenehelef) Ha a kalimane ka chelete ea hae a lebeletse phahellog) Ha a amohele tjotjo

2. Hobaneng lintlha tsee li le bohlokoa ho Molimo?a) Ka chalimo ea mahlo makhabane ana a ka shebahala a se bohlokoa hakaalob) Empa ha re sa a ele hloko,a ka silafatsa le ho senya pholoho ea ronac) Re lokela ho lebela lipelo tsa rona khahlanong le tsohle tse silafatsang.d) Re lokela ho batla sefahleho sa Molimo ka linako tsohle(Likronike

16:11;Pesalema 105:4)

Qetello

Molimo oa halalela, ‘me takatso ea hae ke hore batho ba halalele hore ba lule boteng ba hae ka mehla.Nka metsotsoana o hlahloba bophelo ba hao hoseng hona.Na bophelo ba hao bo seo Molimo a bo hlokang hore bo be sona?Haeba u hloka thapelo,ke u memela ho tla ‘me u kopane le Molimo.Molimo o batla ho u fa pelo e ncha le moea o matla.

Rev Paul Mtambo

32

Africa Central Field Strategy Coordinator

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 5

KHALALELO E PHALLANGLengolo: 1Johanne1:5-10

Selelekela

Kantle le ho nyenyefatsa boitsebelo ba bokreste, likamano tsa rona le Molimo ka linako tsohle ke bophelo ba khalalelo. Ha rea lokela hore ka linako tsohle re rere kapa re bue ka khalalelo. Leha hole joalo, khalalelo e lokela ho bonoa maphelong a rona! Moelelo oa ho phalla ke ho tsoa kapa ho ea butle butle. Tsela eo re phelang ka eona e lokela ho bonahatsa Kreste ‘me le khalalelo e tsoa e phalla maphelong a rona e phallela lefat’seng. Kreste o re ho Mattheu5:13-14, “Le letsoai la lefat’se” hape “Le leseli la lefat’se”. Joaloka letsoai la lefat’se re lokela ho boloka tatso ea rona ea khalalelo. “Motse o beiloeng holim’a thaba, ha o na ho patoa”, ‘me ho tsamaea hoa rona le Kreste e lokela e be leseli ho batho bao re kopanang le bona. Ka mantsoe a mang, tsela eo re phelang ka eona e lokela ho pakahatsa seo re se bolelang.

1. Le leseli la lefat’sea) 1Johanne1:5-6 e re, molaetsa oo le ileng la o utloa ho mor’a hae, oo re le bolellang

oona, ke ona: Molimo ke leseli, ‘me ho eena lefifi ha le eo hohang. Haeba re re re phelisana le eena, empa re phela lefifing, rea ithetsa, ‘me ha re phethe tsa nnete.

Haeba re re re tsoetsoe la bobeli, empa re ntse re phela lefifing, ka ho tsoelapele ka tsela ea rona ea khale ea ho phela sebeng, re leshano.

Maphelo a rona ha a pake seo re reng se etsahetse maphelong arona.b) Empa temana ea 7 e re, “Empa haeba re phela leseling, joalokaha le eena a le

leseling, rea phelisana; ‘me mali a Jesu mor’a hae a re hloekisa libe tsohle. Sena ke seo re se bitsang khalaletso Moea o halalelang oa re hlatsoa ‘me o hloekisa lipelo tsa rona sebeng,

‘me o re fa matla a ho phela ka tlholo holim’a sebe. 2. Ho ipolela le ho hloekisoa sebeng ho tla pele

a) Mosebetsi oa Molimo oa ho hloekisa lipelo ha o etsahale ha re sa ipolele libe tsa rona,”Hare ipolela libe tsa rona Molimo o tla re t’soarela tsona, ‘me a re hloekise bokhopo bohle, ka ha oa t’sepahala, ‘me o lokile (1Johanne1:9). Re lokela ho ananela libe tsa rona ‘me re li bolele re kope Moea o halalelang ho hloekisa lipelo tsa rona.

b) Pele re tsoaloa la bobeli, borona ke bona bo busang maphelo a rona, re na le tloaelo e kholo ea ho etsa sebe le ho se khahlise Molimo. Leha ho le joalo, ha re halaletsoa, Kreste o nka karolo ea mantlha ea maphelo a rona ‘me a se a laoloa ke eena. Sena se tiisoa ke mantsoe a moapostola Paulosi, “Ke thakhisitsoe le Kreste, ‘me ha e hlole e le nna ea phelang, empa e le Kreste ea phelang ka ho nna; ‘me joale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho mor’a Molimo ea nthatileng a ba a itella ‘na”(Bagalata2:20)

3. Khalalelo e phallang e tsoa pelong e hlatsuoeng ‘me e hloekileng.a) Ho tsoa pelong e hlatsuoeng e hloekileng,e tletseng ka Moea o halalelang,

khalalelo e lokela ho phalla joaloka mofufutso ha o tsoa likarolong tsohle tsa ‘mele oa motho ea mathang kapa ea ikoetlisang.

b) Ha re phela khalalelo e tla bonahala likarolong tsohle tsa bophelo ba rona.c) Ha Kreste a busa lipelong tsa rona, o laola tsohle tseo re li etsang le seo re leng

sona. Tse ling tsa lintho tseo a li laolang ha a re etelletse pele ke tsena: O laola mahlo – seo re se bonang! O laola molomo – seo re se buang! O laola litsebe – seo re se utloang!

33

Ho keteka khalalelo lethathamop la lithero Beke ea 5

O laola lehano – seo re se kenang ka hanong! O laola matsoho – seo re se etsang kapa seo re lokelang ho se etsa! O laola maoto – moo re eang le moo re sa lokelang ho ea!

4. Bophelo bo halalelang bo beha litholoana tsa Moea.a) Ho Bagalata5:22-23, Paulosi o bua ka litholoana tsa Moea o Halalelang, e leng;

“Lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le bot’sepehi, le bonolo, le boit’soaro.

b) Joang kapa joang, makhabane ana a boletsoeng ka holimo a teng bophelong bo tletseng ka Moea o Halalelang. Khalalelo e ea phalla ho tsoa bophelong bo joalo hobane khalalelo ke karolo ea mantlha ea bophelo bo joalo.

Qetello:

Na bophelo ba hao bo phalla ka khalalelo? Haeba ho se joalo, ke eng e phallang ho tsoa ho uena ho ea lefat’seng? Na u itokiselitse hore Kreste a nke taolo ea bophelo ba hao a buse pelo ea hao le bophelo ba hao ‘me a u fe tlholo kajeno? Aletare e bulehile sebakeng sa hao ho tla ho Molimo ‘me u mo kope hore a u hloekise a be a u fe Moea o Halalelang e le hore u tle u phele ka khalalelo, u tseba hoba u letsoai le leseli la lefat’se.

Ka Rev Paul MtamboAfrica Central Field Strategy Coordinator

34

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 5

MOEA O HALALELANG OA KOPANYALengolo: Baefese 4:12-15

Selelekela

Boporofeta ba ho t’seloa ha Moea o Halalelang ho kereke ka Pentekonta, boo Petrose a buang ka bona ho Liketso2:16-18, bo porofetiloe ke Joele(Joele2:28-32). Boporofeteng bona re bona Moea o Halalelang o theohela holim’a batho ba bangata e seng holim’a batho ka bomong mona le mane. Moea o Halalelang o na sa tle bathong feela, empa o bile o ne o tlo etsa batho ba lumelang ka kerekeng. Batho ba lumetseng ba na leng kopano.(Liketso2:44-47)

1. Kopano e phethahetseng e tlisoa ke Moea o Halalelanga) Ka ho ba le tumelo ho Kreste(Baefese4:13)

b) Ka ho ba le likamano le Kreste(Baefese4:15)

c) Ka ho utloa Kreste ka ho phetheha(Baefese4:16)

2. Kopano e phethehileng e tlisoa ke leratoa) Ho Kreste(Baefese4:15; Bagalata5:24)

b) ‘Meleng oa kereke(Baefese4:16; Bagalata6:10,5:14)

3. Kopano e phethehileng e tlisoa ke ho tlohella boikhohomoso(Bagalata6:14)

a) Ho ba le boit’soaro(Bagalata5:22)

b) Ho mamellana kapa ho jarelana(Bagalata6:2)

4. Kopano e phethehileng qetellong e ea hapa kapa ea hlolaa) E hapa batho.

b) E hapa lefat’se.

c) E hlola Satane.

Qetello:

Ho hlakile hore kopano ea Moea o Halalelang ka kerekeng ha e be teng ka lebaka la limelo tse seng ntle kapa liketso tse sa nepahalang ka hare ho kereke, ”Lehloeo,likomang, mona, bohale, likhang, meharo, liphapang, likhaohano le mohono…”(Bagalata5:20-21) Lintho tsena li tsoa litakatsong tsa nama tse loant’soang litakatso tsa Moea(Bagalata5:18, 5:22-26). Ka hoba le lerato(Baroma5:5; Bagalata5:22; Bakolose3:14), Moea o Halalelang o kopanya lintho tsohle hammoho,”…kopano e phethehileng…” (Bakolose3:14). Joale rea bona hore Moea o Halalelang o tlisa kopano e ntle kerekeng e tletseng ka lerato.

Ka Rev Collin ElliottAfrica South Field Strategy Coordinator

35

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 6

NNETE EA KHALALELOLengolo: Baroma 6:19-22

Selelekela:

“Haeba Jesu Kreste ha se Molimo, ha e sa tla hlola e ba Molimo hohang”. R. S. Nicholson

1. Khalaletso ha se mpho eo Molimo a khethang ho e fa molumeli e mong le e mong:(1Bakakorinthe4:3). Ke thato ea Molimo hore batho ba halalele: hore ba t’sabe bofebea) Se setle seo Molimo a se khethetseng balumeli(Baefese1:4)” kamoo ore

khethetseng ho eena ka teng ha o no o e so ho thee lefat’se, hore re tle re halalele,

‘me re hloke sekoli pel’a oona”

b) Qholotso ea Molimo ho balumeli(Baheberu12:14)” Phehellang ho ba le khotso le

batho bohle, le khalalelo eo ho seng motho ea tla bona Molimo h’a se na eona.”

c) Thato ea Molimo bakeng sa balumeli(1Bathesalonika3:13)”Hobane ka sehlabelo

se le seng o phethisitse ka ho sa feleng bao a ba halalelitseng. Ke seo Moea o

Halalelang le oona o re pakelang sona”

d) Takatso ea Molimo bakeng sa balumeli(1Bathesalonika3:13)”A tle a tiise lipelo tsa

lona, li hloke sekoli khalalelong, pel’a Molimo, ntat’a rona, ho tleng ha Morena oa

rona Jesu Kreste hammoho le bahalaleli ba hae bohle.”

2. Khalaletso ke khalalelo ea Molimo e fuoang balumeli hore ba khethehe(1Bathesalonika4:7). Hobane Molimo ha oa ka oa re biletsa lit’sileng, empa e le khalalelong. a) E kenyeletsa ho tela bophelo ba sebe(Luka14:33)” Ka mokhoa o joalo, e mong le e

mong har’a lona, ea sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitoa ho ba morutuoa

oa ka.”

b) E batla boit’soaro(1Petrose1:15-16)” Empa joaloka ha ea le bitsitseng a halalela, le

lona le halalele metsamaong ea lona eohle.kamoo ho ngoliloeng ka teng, ho thoe:

Halalelang, hobane kea halalela.”

c) E batla boinehelo ba ho sebeletsa(Luka1:74b-75)”…re mo sebeletse re sa t’sabe

letho, khalalelong le ho lokeng, pont’seng ho eena, ka matsatsi ‘ohle a ho phela ha

rona!”

d) E senya neheletsano ea sebe”Re ea inehela, empa Molimo oa re halaletsa”(F. B.

Meyer)

3. Khalalelo e fumanoa ka tumelo e phehellang(1Bathesalonika5:23-24) “Molimo oa khotso, oona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng, kaofela ha moea oa lona, le ha pelo ea lona, le ha ‘mele oa lona, ho bolokeloe ho hlaheng ha Morena oa

36

rona Jesu Kreste o se na sekoli. Ea le bitsang oa t’sepeha, ke eena ea tla etsa le hona.”

a) Ke boiphihlelo bo kotsi(Liketso4:31)” Eitse hobane ba rapele, ngalo eo ba

phuthehetseng ho eona ea sisinyeha; ‘me bohle ba tlala ka Moea o Halalelang,

‘me ba bolela lentsoe la Molimo ka matla.”

b) E fumanoa ka tumelo e utloang(Johanne14:11)” Ntumeleng hobane ke ho Ntate, le

hoba Ntate o ho nna, ho seng joalo, ntumeleng ka baka la eona mesebetsi.”

c) E tiisoa ke boteng ba Moea o Halalelang(Baroma15:16)”…ke be mosebeletsi oa

Kreste Jesu har’a balichaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo oa Molimo oa

boprista, hore balichaba e tle e be nyehelo e halalelitsoeng ka Moea o Halalelang.

37

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 6

SEMELO SA NNETE SE KE KENG SA NYATSUOALengolo: Jobo1-6

Selelekela:

Mantsoe a mang a Bibele ao re a sebelisang ha re ruta le ha re rera ke pako,pholoho,tefelo,poelano,ho beoa ea lokileng,lerato,khalaletso le khalalelo. Bukeng ea Jobo ha re fumane mantsoe ana, empa ho na le ntho e le ‘ngoe e teng haholo bukeng ena ka bongata. SEMELO SA NNETE: Ke seo Jobo a neng a le sona.

1. Boleng ba semelo sa hae sa nnete.a) Semelo sa Jobo sa nnete se ne se t’soana le sa Molimo, o ne a halalela ‘me e

le se lokelang mokresteb) Mongoli oa buka ea Jobo ke Jobo(Jobo1:1,8)

Monna ea khabane Ea lokileng Ea t’sabang Molimo Ea sesefang bobe

c) Mantsoe ana a matle a nkuoe lengolong la bopaki la Molimo ho Satane ka semelo sa nnete sa Jobo(Jobo1:8)

d) Buka e hlalosang mantsoe ea Webster e hlalosa semelo sa nnete ka tsela ena: Ho hloka nyatseho Ho phetheha Ho ba le metheo e tiileng ea boit’soaro Bokhabane ba ho phetheha ho seo o leng sona.

e) Ke seo Molimo a batlang re be sona ‘me oa khona hore etsa ba khabane, ba lokileng, ba t’sabang Molimo ba sesefang bobe.

f) Ke botle ba khalalelo eo re e boneng bophelong ba Jobo.

2. Meleko le liteko tse kholo tsa semelo sa hae sa nnete.a) Semelo sa hae sa nnete se ile sa lekoa empa ha a ka a se hlobola, ha a ka

a se tlohela kapa a se lahla.b) Maruo le botumo ba hae ha li a ka tsa etsa hore a lahle semelo

sena(Jobo1:2-3,9-11)c) Hopola mantsoe a Jesu,” Ho tla ba thata ha kakang hore ba nang le maruo

ba kene ‘Musong oa Molimo(Mareka10:23)d) Ha a lahleheloa ke tsohle tseo a neng a na le tsona ha a ka a lahla semelo

sa hae sa nnete(Jobo1:20-22)e) Bopaki ba bobeli ba Molimo ho Satane ka semelo sa nnete sa Jobo ke

kamor’a hore Jobo a fete tlas’a liteko(Jobo2:3)f) Ha mmele/nama le masapo a hae a t’soeroe ke lefu le t’sabehang, o ile a

nna a ba seo a leng sona, haa ka a fetoha(Jobo2:4-8)g) Ha mosali oa hae a se a mo latola hobane a se a tenehile ke eena, o ile a

hana ho lahla semelo sa hae(Jobo2:9-10,19:17)h) Ha metsoalle ea hae e mo qosa, ‘me e mo khathatsa matla, o ile a nna a

t’sepa Molimo.i) Semelo sa hae se mo thusitse ho hlola meleko ea bofebe(Jobo31: u shebe

lentsoe “HAEBA”)

38

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 6

3. Matla a semelo sa nnete sa hae a) Matla a semelo sa hae a ne a le morerong oa pholoso oa Testamente ea

khale.b) Sehlabelo sa ho itlhoekisa le sa licheso ene ele tloaelo ea hae eo a neng a

e etsa khafetsa ‘me e ile ea mo boloka, eena le ba ntlo ea hae pel’a Molimo le batho.

c) Selallo sa Jobo se t’soana le sa rona kajenod) Ha re sa etsa mahlabelo kapa licheso kajeno empa re hopola sehlabelo

seo re se etselitsoeng sefapanong. Ke moo khalalelo ea rona, ho loka le bokhabane ba rona bo tsoang teng.

e) Ka baka la selallo sena, ha ho ne ho le thata, Jobo o ile a tseba ho bua mantsoe ana;”Empa kea tseba hore molopolli oa ka oa phela…”(Jobo19:25-27)

f) Matla a rona, bokhabane le khalalelo maphelong a rona a tsoa likamanong, bonngoeng le molopolli oa rona joaloka ha re bala libukeng tsa Johanne(1Johanne1:5-7)

Qetello:

Molimo o batla banna le basali ba khabane. Ka morero oa hae oa pholoso le mohau oa hae o bolokang, a ka re fa semelo sena se halalelang. Moea o halalelang, mot’selise, o tla re thusa ho boka ‘me re se ke ra lahla semelo sena sa nnete ha re lekoa.

Ka Dr Enoch Litswele Former Assistant to the Regional Director for Africa

39

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 6

LE PHETHEHE JOALOKA HA NTAT’A LONA EA

MAHOLIMONG A PHETHEHILELengolo: Mattheu5:14-48

Selelekela:

Pitso ea ho phetheha hoa bakreste ke puisano e tsoellang pele har’a balumeli ka kutloisiso

tse fapaneng. Ho phetheha hoa mokreste ho oa fihleleha, hoa khoneha empa ha se ntho e

tlang ha bonolo.

Hona le lintho tse seng kae tse hlokang ho chesetsoa kapa ho tlosoa ho fihlela pitso ena.

Jesu Kreste o bont’sa tse robeli tseo motho a loant’sanang le tsona tseleng ena ea ho fihlela

ho phetheha.

1. Na motho a ka phetheha joalo ka Molimo?a) Phetheho ea khoneha/ e ka fihleloa; ‘me e hloka hore re etse liqeto tse latelang:

Se ke oa hloea batho ba bang

Lokisa likamano tse senyehileng

Se ke oa nahana mehopolo e mebe

Boloka lenyalo le halalelang

Bua lipolelo tse hloekileng tsa nnete

Hanela batho ba babe kapa ba lit’sila

Rata lira tsa hao le batho ba u hloileng

Rapella ba u hlorisang

2. Ho fihlela ho phetheha ha ho bonolo

Qetello:

Jesu Kreste o re bont’sa tsela eo mokreste a ka phethehang ka eona leha e se ntho e

lumeloang moo re phelang kapa e le ntho e sa kholeheng hore e ka etsahala ho latela

litloaelo le mekhoa ea rona ea ho nahana. Ha re lokela ho tobana le liqholotso tsena tse

robeli ‘me re hole ho tsamaeeng le Jesu le likamanong tsa rona le eena, re tle re phele ka

mokhoa oo re tla t’soana le Kreste.

Ka Rev Chanshi ChandaAfrica Middle Field Strategy Coordinator

40

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 7

HO BONAHATSA KHALALELO EA MOLIMOLengolo: Exoda3:5-6

Selelekela:

“Oa re: u se ke oa atamela mona; rola meqathatso ea hao maotong a hao, hobane ngalo eo u emeng ho eona ke mobu o halalelang. Eaba o re : ke nna Molimo oa ntatao, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaaka, Molimo oa Jakobo. Eaba Moshe o ipata sefahleho ka hobane a t’saba ho talima Molimo.

Ho bonahatsa khalalelo ea Molimo ho bolela ho behella bouena ka thoko le ho ikhaba hohle molemong oa polokeho ea batho ba bang.

1. Hobaneng re tlameha ho khathatseha ka khalalelo? (2 Bakorinthe7:1)

“Joale baratuoa, ha re ena le lipallo tseo, a re ke re itlhatsoe lit’sila tsohle tsa nama le tsa moea, re ntse re phetha khalalelo ea rona ka ho t’saba Molimo.”a) Khalalelo e bonahatsa Molimo(1Petrose1:16)” Kamoo ho ngoliloeng kateng ho

thoe: halalelang hobane kea halalela.”b) Khalalelo ke mohopolo o mong a thapelo ho Molimo(Baheberu12:14)”

Phehellang ho ba le khotso le batho bohle, le khalalelo eo ho seng motho ea tlang ho bona Molimo ha a se na eona.”

2. Karabo ea rona ke efe khalalelong ea Molimo?(Baroma1:20)

Hobane tse sa bonoang tsa oona, e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa,ha ho lemohuoa mesebetsi ea oona,e le hore ba tle ba hloke maitatolo.”a) Se re tiisang molemong oa Molimo(Mattheu6:24)”Ha ho motho ea ka tsebang ho

sebeletsa marena a mabeli; hobane o tla hloea e mong a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong a nyelise e mong. Le ka sitoa ho sebeletsa Molimo le Mamona.

b) Karohano le lefat’se(Mattheu5:48)” ‘Me joale, phethehang joaloka ha ntat’a lona ea Maholimong a phethehile.”

c) Takatso ea ho t’soana le Jesu(Mattheu22:37-38)” Jesu a re ho eena: ke e reng : rata Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao ohle, le ka khopolo ea hao eohle. Molao oo ke o moholo oa pele.”

3. Re ka bont’sa joang khalalelo ea Molimo(1Bakorinthe1:30)

‘Me ke ka oona lona le leng ho Jesu Kreste ea entsoeng ke Molimo bohlale ba rona le ho loka ha rona, le khalalelo ea rona le topollo ea rona.”

a) Lehloeo le sa khetheng la sebe (1 Johanne3:6)” E mong le e mong ea lutseng ho eena ha a etse sebe; E mong le e mong ea etsang sebe ha a ka a mo tseba le hona.”

b) Lerato le sa khetheng ho batho ba bang (1Johanne3:1a)” Bonang lerato leo Ntate a re ratileng ka lona le le kakang ha re bitsoa bana ba Molimo…”

41

c) Sehlabelo se sa khetheng molemong oa batho ba bang (3:16)” Hobane Molimo o ratile lefat’se ha kalo, o bile oa le neha mor’a hae ea tsoetsoeng

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 7

d) e inot’si, hore e mong le e mong ea lumelang ho eena a se ke a timela a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”

Qetello:

“ Khalaletso ka hohle hohle ha se pheletso empa e le qaleho ea bophelo bo inehetseng bosebeletsi”(R. S. Taylor).

Ka Stan TolerGeneral Superintendent in JurisdictionAfrica Region Church of the Nazarene

42

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 7

MOLAO O MOTLE OA LERATOLengolo: Mattheu 22:35-40

Selelekela:

Khalalelo e pharaletse hape e tebile. E na le karolo ea boitlhoekiso ba bo mong bo iponahatsang ka tsela e hokahanang. Lithutong, Testamenteng e ncha ea Jesu likarolong tsena, e fana ka mekhoa e fapaneng ea ho rata Molimo le bahaisane. Re phela lefat’seng la kajeno leo lentsoe lerato le bolelang ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe ‘me le sebelisoang holim’a ntho e ‘ngoe le e’ngoe. Bakeng sa mokreste, seo “lerato” le se bolelang ha se t’soane le litlhaloso tse tloaelehileng tseo re li fumanang seterateng.

1. Lerato ke pont’so ea khalalelo2. Lerato ke boleng ba Molimo

a) Lerato la botho le tsoa leratong la Molimob) Re lokela ho bonahatsa lerato la Molimo

3. Khalalelo e na le likarolo tse hokahananga) Lerato ke motheo oa molaetsa oa Moshe le baporofetab) Moshe o rutile ka lerato la Molimo le la bahaisanec) Baporofeta ba rutile batho ho rata Molimo le bahaisane ba bonad) Ho rata Molimo feela ha ho oa lekanae) Ho rata batho feela le hona ha ho oa lekana.

4. Lerato le ela hloko tholoana ea botle ho moetsalibe5. Lerato ha le etse motho e mong seo eena a sa rateng ha se ka etsoa ho eena.6. Lerato le fetisa ketso e kantle.

a) Lerato le fetisa tumelob) Lerato le fetisa t’sepo

7. Lerato ke pont’so ea ho fetoha.a) Mosa b) Mamelloc) Ho thaba nnetengd) Ho jara tsohlee) Ho lumela tsohlef) Ho t’sepa tsohleg) Ho mamella tsohle

Qetello:

Lerato ke ntho e le ‘ngoe ea bohlokoa likamanong, ‘me ke ho ba le boikutlo bo botle. Re bilelitsoe ho rata ka boikutlo bo botle ba khalalelo.

Ka Rev Chanshi Chanda.

43

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 7

PHOMOLO – KE MOELI O LATELANGLengolo: Baheberu3:7-19

Selelekela:

Ke thabile haholo ke seo Molimo a se etsang ka hare ho kereke ea rona. Molimo o re hlohonolofalitse libekeng tsena tsa ho qetela ka keteko ea Moea o Halalelang oo re sitoang ho o latola. Batho ba bangata ba tlile aletareng ‘me ba fumane tlholo le pholiso ho tsoa bo teng ba Molimo. Molimo kannete o etsa ntho e ncha kerekeng ea rona, ‘me ke sitoa ho emela ho bona na e lebisa kae. Molimo o na le lintho tse ngata tseo a lakatsang ho li etsa ka ho rona le molemong oa rona. O batla ho etsa tse fetisang tseo re ka li nahanang kapa ra li lekanyang. Ho t’soenyeha ha ka ho mona: “Re phela maphelo a rona joang ha re tloha aletareng re tsoa ka hara likereke tsa rona. Re ea kae ho tloha moo?

1. T’sepiso ea ho phomolaa) Baiseraele ba ne ba na le bothata bo t’soanang

Ba ile ba phela joaloka makhoba, ka khanyetso le tlhokofatso naheng ea Egepeta

Eaba Molimo o ba lokolla tlas’a khatello ea Pharaoh ‘me a ba le bona leetong la bona ho ea lefat’seng la pallo.

Ba ile ba nka khato ea tumelo le ho utloa Molimo ka ho mamela Moshe le ho mo latela ho tsoa lefat’seng la Egepeta.

Le ha ho le joalo bonnete ba tokoloho ea bona bo ile ba ameha ha ba elelloa hore Pharaoh o ka mora bona hore a ba khutlisetse litlamong le bokhobeng.

Tokoloho ea bona ha e ea ka ea qetella ha monate paleng ea bona ea tlhokofatso; e ne e le qaleho ea boiponahatso ba ea etsang lintho. Se neng se batloa ho fihleloa e ne e se feela ho lokolloa bokhobeng empa hape e ne e le ho ea fihla lefat’seng la pallo – Canana. Molimo o ile a t’sepisa sechaba sa hae phomolo.

b) Sena ke se t’soanang le ho rona kajeno Pholoho ea rona, ho amohela Jesu Kreste e le Morena le mopholosi ke

qaleho feela ea leeto. Re siile lefat’se la sebe le bokhoba, empa sena ha se pheletso; Molimo o na le tse ling tse ngata tseo a re boloketseng tsona leetong la rona la tumelo.

Joaloka Maiseraele, o batla hore re be phomolong ea hae. Canana mona ha e bolele ha re shoa re ea leholimong, empa e bont’sa hore re ka kena phomolong ea Molimo haa joale.

2. Lit’sitiso tsa ho phomola.

a) Ho hloka tumelo hoa bona(Baheberu3:19). Molimo o itse e eang ‘me le hape lefat’se. ba ile ba re ba ke ke ba atleha ho etsa joalo ba t’soana le litsie(Numere13:33). Ho na le hore ba talime Molimo oa bona ea phahameng,eaba ba talima mafokoli a bona ‘me pheletso ea bona ea ba ho phaila lehoatateng lilemo tse mashome a mane, ‘me ha ho le a mong oa bona ntle le Joshua le Kalebe ea ileng a finyella lefat’seng la pallo.

b) Ho hloka kutlo hoa bona le lipelo tse thatafetseng(3:8)c) . Ho se utloe(3:18)

44

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke eo 7

3. Litlamorao tsa bophelo ba mokreste bo se nang phomolo

a) Ho batla u sa phomole le ho batla u sa fumane ho khotsofala ha moea.b) Ho se khotsofale, ho hloka thabo le phomolo ho isa bokhobeng ba lintho tse itseng

le litlamong.c) Ho rapela melimo ea bohata, e entsoeng ka lerole e bile e nang le ho otsela.d) Karohano le Molimo

4. Phomolo e khathollang; phomolo ee eo Kreste a re fang eona ke eng?a) Ke t’sepiso e kholo ka ho fetisisa ho bohle ba tla lumela.b) Ke phomolo sebakeng sa ha re ne re leka ho fumana pholoho le tlhokiso ka

borona. Ke phomolo bakeng sa ho leka ka thata empa re sa atlehe. Mosebetsi oo Kreste a o entseng Sefapanong e bile mosebetsi o phethehileng. Ha ho sa tsoa matleng a rona, ona ke motheo oa buka ea Baheberu: Jesu o ka holimo ho baprista ba Testamente ea khale le mahlabelo hobane o ile a ea kamoreng ea terone ea Molimo ‘me a iketsa sehlabelo ha ‘ngoe ho bohle bakeng sa t’soarelo ea sebe sohle.

c) Ke tokoloho letsoalong le lebe. Ha ngata re hlokofatsoa ke bobe boo re bo entseng ‘me sena se re hlokisa khotso. Motho e mong o ne a belaela hore ha ba robale hantle, joale motho e mong a ba botsa a re “le bolaile mang?” Hona ke bopaki ba hore letsoalo le lebe le bakoa ke ho hlopheha maikutlo maphelong a rona. Le ha ho le joalo Molimo o fane ka pheko ea sena ka Jesu Kreste. Baheberu 10:22 e re re ke re atamele Molimo, “ Matsoalo a mabe a phekotsoe lipelong tsa rona.

d) Ke tokoloho ea ho natefeloa ke boteng ba Molimo. Ho Baiseraele,Canana e ne e tla ba sona sebaka seo Molimo a lulang ho sona ‘me e ne e tla ba teng moo ba khumamelang Molimo ka tokoloho. Sebaka seo ba neng ba tla natefeloa ke boteng ba Molimo. Ho rona ha se sebaka se bonahalang, empa ke ‘nete ea hore re ka kena ka sebete boteng ba Molimo, e seng ka mesebetsi ea rona empa ka lebaka la sehlabelo se seholo se entsoeng ke Kreste. Mehlolo le limakatso tseo re li fumanang hore re ee le tsona malapeng a rona; re ka natefeloa ke boteng ba Molimo o phahameng motsotso ka mong bophelong ba rona.

e) Ke tokoloho ho beha litholoana. Ho phela litlhohonolofatsong tsa Molimo. Ho bona ho phetheha hoa lit’sepiso tsa Molimo. Sena ke se neng se fumaneha ho Baiseraele. Ha rea lokela ho ema ng’a e le ‘ngoe le ho phela ka ho hloleha. Re etselitsoe ho ba bahloli.

f) Ke khotso le Molimo, Baroma5:1 e re,” Joale ha re beiloe ba lokileng ka tumelo, re na le khotso ho Molimo, ka Jesu Kreste.

Qetello

Memo ena ea ho kena phomolong ea Molimo e sa ntse e eme. Baheberu3:7 e re,” Kajeno, ha le utloa lentsoe la oona, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lona joaloka mohla phephetso, mohla moleko felleng”. Baheberu 4:1 e re pallo ea ho kena phomolong ea oona e sa le teng. Jesu o re,” Tloong ho ‘na, lona bohle ba khathetseng, ba imeloang , ‘me ke tla le imolla” (Mattheu11:28). Na u tla tla kajeno ‘me u kene phomolong ea Molimo?

Ka Rev Samantha Chambo Africa Regional NMI Coordinator

45

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Beke ea 7

HO KHUMAMELA MOLIMO KA KHALALELOLengolo: Pesalema 29:1-2

1. Tlhaloso ea khumamelo: a) Ke ho ela hloko le ho phafa Molimo ea phahamengb) Ke thoriso, poko le teboho e fuoang Molimo c) Ke t’sebeletso e etsetsoang Molimod) Ke t’sebeletso e etsetsoang batho molemong oa Molimoe) Ketso ea khumamelo e qala hang ha re qala ho pholosoa ‘me re tsoelapele ka ho

sa feleng. Khumamelo ha e qale nako eo re kenang monyako oa kereke ‘me e fele

nakong eo re etsang thapelo e koalang(Baroma12:1-2) Lipesalema le lifela ke lipina tseo kereke e li binang kajeno khumamelong,

empa lipina tsa lihalelujah tseo re li fumanang bukeng ea T’senolo ke lifela tseo re tla li bina leholimong ka ho sa feleng.

2. Ea amohelang khumamelo:a) Pelong ea mokreste, ea khumamelang, ke Molimo ka sebeleb) Khumamelong re mo fa khanya le thorisoc) Khumamelong re lebela ka rona ‘me re tsepamisa maikutlo a rona ho eenad) Re lokela ho ela hloko hore liketso tsa rona khumamelong, li fana ka khanya ho

Molimo e seng ho rona.e) Khumamelo ea rona ha e ea lokela hoba ketso ea boithoriso ba motho feela

joaloka bafarisi ho Mattheu6:1-5, kapa ho Luka18:9-12 empa joaloka mohlala oa molekhetho bukeng ea Luka18:13-14.

3. Botle ba khumameloa) Re laetsoe ho khumamela Molimo ka khalalelo(Pesalema29:2; 96:9)

Khumamela Molimo u apere khalalelo Tloho ho eena ka liaparo tsa lekunutu

b) Seaparo sa khalalelo se joaloka seaparo sa moprista sanctuaring ea lefat’se Tloaelo ea ho apara liaparo tse ntle khumamelong ke ntho e ntle, e

khothaletsoang empa taelo ena e tebile ho feta mona. Seaparo sa rona se t’soanang ke sa pholoho seo Molimo a re fileng sona

ka boeena. Seaparo sena ke ho bopuoa hoa set’soant’so sa Molimo ka ho rona “ e leng

ho t’soana le Kreste”c) Ha moporofeta Esaia a tla khumamelong ho Molimo ka tempeleng, liaparo tsa hae

li ne li silafetse, li le khubelu joaloka sekareleta, empa ha a lla ka pako le ho ipolela libe tsa hae, o ile a hloekisoa(Esaia1:18,6:7)

d) Moapostola Paulosi o re re hlobole motho oa khale ‘me re apare motho ea mocha(Baefese4:20-24;Bakolose3:12-14) Ka Dr Enoch Litswele

46

Ho keteka khalalelo-lethathamo la lithero Lithero tse ling:ho hloekisoa ke moea o halalelang

REHLOEKISELITSOE HORE RE SEHLOLE RE ETSA SEBE

Lengolo:Baroma 6:1-14Selelekela

Hoa lokela hore re lule re hopotsoa hape le hape lebaka leo Kreste a shoeleng ka lona. Ha re lamella hore lefu le tsoho ea hae e be karolo ea lintho tse fetileng feela tseo re litsebang ka tloaelo,re ba kontsing ea ho nkela Jesu lefeela. Re lokela ho ela hloko hore re se k era oela kotsing ea ho ,kaha Molimo oa re ts’oarela ha re ipolela li tsa rona,tsela eo re phelang ka eona ha e tsotellehe ha feela re lokisa litaba le Molimo bosiu bo bong le bo bong pele re ilo roabala. Sena se kotsi ka ho fetisisa. Jesu o tlile ho re lokolla sebeng e seng hore re etse sebe ka bolokolohi.

1. Sebe se isa lefung a) Tefo ha e ea fetoha

1) Molimo o ile a bolella Adama le Eva hore bat la shoa ha ba sa utloe litaelo tsa hae.

2) Hang hoba ba tlole taelo ea Molimo ba ile ba arohana le Molimo .3) Le kajeno sebe se ntse se arola motho le Molimo.

b) Molao oa Molimo ha o oa fetoha1) Ho tlola taelo ea Molimo e ntsee e le sebe le kajeno-ho utloa kapa ho ea ka

litakatso tse lits’ila tsa sebe ke ho se utloe Molimo.2) Bokhopo e ntse e le sebe –ho nka karolo liketsong tsohle tsa bokhopo ke ho

se ananele Molimo le ho loka hoa hae.c) Ho hong ho lokela ho shoa

1) Ha re ntse re tsoelapele ka sebe re tla shoa2) Ha re batla ho phela le Kreste sebe se lokela ho shoa

2. Lefu la Jesu le re lokolla sebenga) Ba leng ho Kreste ha e sa ba makhoba a sebe

1. Matla a Moea o halalelang a fetisa matla a sebe2. Tsoho ea Jesu e senya matla a sebe ho bohle ba behileng ts’epo ea bona ho

Kreste.b) Ha ho sa hlokahala hore re re teko e ne e le boima,’me ke sitiloe ho ithusa

3. Bophelo bo bocha ba Kreste bo re fa bopheloa) Bophelo ba ‘nete ke kopano le Molimo

1. Re bopetsoe ho ba le likamano le Molimo2. Re bopetsoe hape morero oa ho khumamela le ho tlotlisa Molimo likarolong

tsohle tsa maphelo a ronab) Re lisebelisoa tsa ho loka hoa Molimo

1. Maphelo a rona a Letsatsi ka leng a lokela ho ba bopaki ba mohau2. Borona bohle,mehopolo,liketso,mantsoe-li lokela ho bonahatsa khalalelo ea

Molimo.

Qetello

Ts’oarelo ha e hlakole libe tsa rona tsa khale hore re tlo qala bocha ka sebe. Lefu le tsoho ea Kreste li re hloekisa libeng tsa rona,e le hore re phele maphelo a hloekileng a khalalelo pela Molimo ka thuso ea Moea o halalelang. Rona bakhethoa ba Molimo ha rea lokela ho its’ilafatsa ka sebe,empa re lokela ho ba lisebelisoa tsa Molimo tse isang ba bang mohaung

47

le litseleng tsa Molimo tse lokileng. Re lokela ho ba bahasi ba pholoho lefats’eng le silafetseng le shoang le ho ba bopaki bo phelang ba matla le mohau oa Molimo.

Ho keteka khalalelo-lethathamo la lithero Lithero tse ling:ho hloekisoa ke moea o halalelang

RE HLOEKISITSOE HORE RE HANELE MOLEKOLengolo:Mattheu 4:1-11

Selelekela

Na ke sebe ha u tleloa ke moleko? Che ha ho joalo,empa seo re se etsang ha re lekoa ke sona se tla hlalohanya hore na re entse sebe kapa che. Ho hanela moleko ke boikoetliso ba semoea-nako eohle ha re hanela e mobe,re matlafatsa mesifa ea rona ea semoea. Na see se bolela hore ka ho etsa joalo re tla ba matla a tla re thusa hore meleko e se ke ea re tlela? Ka bomalimabe ha ho joalo. Ena ke kotsi eo re lokelang ho e ela hloko-liteko li ka tla ‘me ea ba re li nka hanyenyane re hopola hore ha li re fihlelle,’me ra oa re sa ele hloko hore re se re le fats’e.

1. Jesu o hanetse moleko ka ho utloa le ka tsebo ea mangoloa) Jesu o ile a lekoa hore a khotsofatse tlhoko ea botho ka mokhoa o sa nepahalang.

1) Diabolosi o ile a leka ho kholisa Jesu hore ho khotsofatsa tlhoko ea mantlha ka nako eo,ho ne ho nepahetse.

2) Jesu a araba ka ho re,ho utloa ho molemo hofesa tokelob) Jesu o ile a lekoa hore a lobe mangolo ka hore Molimo a utloe eena(Jesu)

1) Diabolosi o ile a nka temana ‘me a e lahlisa moelelo hore a kholise Kreste hore a etse hore Molimo a mo utloe.

2) Jesu hape a fetola ka lengolo le kutlo thatong ea Molimo e le ntho ea bohlokoa eo motho a e etsang.

2. Re ka hanela moleko ka ho utloa Molimo le ka tsebo ea mangolo.a) Ho ba le litlhoko tsa mantlha ha hoa lokela hore e be lebaka la rona la ho etsa

sebe.1. Molimo o ela hloko litlhoko tsa rona tsa lijo liaparo le bolulo….2. O batla hore re tlise litlhoko tsa rona ho eena e le hore a tle a re bonts’e

tsela e nepahetseng.b) Re ke ke ra loba mangolo hore re tsamaise letsoho la Molimo

1. Libui tsa bohlokoa ha se ka mehla li re bolellang ‘nete haholo ha li re bolella seo re hlokang ho se utloa.

2. Re lokela ho bala Bibele e le hore re tle re leke mantsoe a bona hore na a tsoa ho Molimo.

c) Ha rea lokela ho leka ho phetha thato ea Molimo ka moo rona re batlang.1. Re sitoa ho khetha tsela e bobebe e be re lo finyella moo Molimo a re

hlokang teng.2. Ho bebola karolo e itseng ea thato ea Molimo ke ho lahleheloa.3. Mangolo le Moea o halalelang li re fa seo re hlokang ho se tseba

a) Re lokela ipalla le ho ithuta re tle re se ke ra qhekelloa.b) Re lokela ho its’etleha ka Moea o halalelang hore a re thuse ho hanela

meleko eo re kopanang le eona.

Qetello Molimo o lebelletse hore re ithute ho tsoa linthong tseo re kopanang le tsona le hore re talime ho eena hore a re tataise nakong eo re sa tsebeng tsela eo re lokelang ho e nka. Jesu haa re fa feela mohlala oo re lokelang ho o latela empa o boela a romela Moea o halalelang ho re matlafatsa hore re hanele meleko le maqhubu oohle a diabolosi. Ha ho na moleko o matla hore o ka sita motho. Ha re ineheleng ho bala lentsoe la Molimo le ho le

48

boloka lipelong tsa rona hore re se ke ra siteloa Molimo. Ha re nehelaneng ka lipelo le mehopolo ea rona ho Moea o halalelang hore a re tataise mehatong ea rona le tseleng ea rona ea ho khahlisa Molimo.

Ho keteka khalalelo-lethathamo la lithero Lithero tse ling:ho hloekisoa ke moea o halalelang

RE HLOEKISELITSOE HORE RE PHELE KANTLE HO SEBELengolo: Johanne 8:1-11

Selelekela

Ka nako e ‘ngoe bana ba Molimo ba khathalla ho batlana le sebe se ka fumanoang maphelong a balumeli ba bang ho feta ka moo ba khathallang boikarabello ba bona molaong oa Molimo. Mohlomong ho na le khopolo ea hore ho tlisa tlhokomelong ea Molimo sebe sa batho ba bang ho ka etsa hore a se ele hloko likarolo tse itseng maphelong a ba joalo, tse seng ka tsela eo a li lebeletseng hore li be ka eona. Bothata ba katamelo ena ke hore ho Molimo le sebe feela se senyenyane ha se amohelehe.

1. K e likotsi life tsa sebe tseo Jesu a re khalemeletseng tsona?a) Ho etsa seo molao oa Molimo o se hanelang

1. Ho tlola molao joaloka mosali ea neng a qosetsoa bohlola2. Ho beha Molimo tekong joaloka balaoli ba neng ba batla ho leka Jesu.

b) Ho se etse seo molao oa Molimo o se laetseng1. Ho fana ka toka- ha balaoli ba ne ba na le toka,monna le eena a ka be qositsoe2. Ho bonahatsa mohau- ha ba ne ba khathalla moea oa mosali ,ho mo hobosa

le ho mo tlepetsa ka majoe ho ne ho sa tlo mo tlisa pakong.2. Ke mohlala ofe oo Kreste ao bohalitseng

a) O re hopotsa hore Molimo o tla sebelisa tekanyo ea rona ea toka ha re ahlola.1. Re lokela ho hopola hore ke ka mohau oa Molimo libe tsa rona li tlositsoeng.2. Re lokela ho lekola lipelo le maphelo a rona e le hore re se ke ra talima

lehlokoa le ka leihlong la ba bang empa rona re na le seqoqo ka ho a rona.b) Ha re phela,takatso ea Molimo ha se ho ahlola empa ke ho baka.

1. Jesu ha a iphapanyetse libe tsa rona ebe o re sebe sa rona ke se amohelehang

2. Ha re e la hloko sebe sa rona,Jesu o fana ka mohau le ts’oarelo3. Ke taelo e fe eo Jesu a fanang ka eona

a) E ea u se hlole o etsa sebe1. Pele ,o fana ka ts’oarelo ntle le ho mo balla libe tsa hae.2. E be o re bolella hore ts’oarelo ha se tokomane e lumellang motho ho etsa

sebe.b) Seo Jesu a se laelang ,o etsa hore se khonahale

1. Ka ha Jesu o re bolella ho tlohela bophelo ba rona ba pele ba boetsalibe,rea tseba hore sena sea khonahala

2. Jesu Kreste ka Moea oa hae o halalelang oa re matlafatsa hore re phele maphelo a halalelang a hlokang sebe.

Qetello

Na ho na le sebe seo u sa se bolellang Molimo? O leka ho boloka ho khathatseha ke sebe hoa hao lekunutung ha u ntse u tsoelapele ho se etsa? Na u kile oa ba molato oa ho ahlola e mong ka takatso ea hore a fuoe kotlo e seng pako? Na katamelo ea hao ho baetsalibe e bonahatsa Molimo ea halefileng,ea ikemiselitseng ho ahlola kapa Molimo ea fanang ka lerato ea ikemiselitseng ho fana ka mohau le ts’oarelo? Che,ha se hore ha re ele hloko sebe kapa

49

re iphapanyetsa hore sebe se teng. Re mpa re batla ho phela evangeli e fanang ka mohau le ho batla maphelo ao sebe e seng morena. Jesu o re laetse ho lahla maphelo a sebe le hore re tsamaee le eena ka khalalelo. Moea oa hae o halalelang o etsa hore bophelo bo khonahale ha a hloekisa lipelo tsa rona ka tumelo.

Ho keteka khalalelo-lethathamo la lithero Lithero tse ling:ho hloekisoa ke moea o halalelang

RE HLOEKISELITSOE HORE RE LAOLE MEHOPOLO EA RONALengolo: 2 Samuele 11:2-5;Mattheu 5:27-30

Selelekela

Ha ho khonahale hore re bale Bibele e be re hopola hore sebe ha sea fosahala ho Molimo. Re ka leka ho ikholisa hore ha feela re phetha ts’ebeletso ea rona ho Molimo e tla ba ho lekane hoba re tla be re re Molimo ha a na taba le tsela eo re phelang ka eona le ho etsa lintho,empa boikholiso boo e tla be e le ba boithetso.Molimo o batla hore re inehele 100%,le ho isa linthong tse fokolang tsa maphelo a rona ho kenyelletsa mehopolo,litoro le litekanyo. Ha ho letho le fokolang le ka khahlisang Molimo.

1. Ha re etse sebe ka phosoa) Teko e ka itlhahisa ka tsela e khahlang

1. Teko hangata e itlhahisa ka litsela tse tloaelehileng le litakatso tsa rona2. E fana ka hore e phethe litakatso tseo ka mekhoa e sa nepahalang3. Teko e ka re susumetsa,empa e ke ke ea re tlama ho etsa sebe

b) Teko e ba sebe ho rona ha re etsa katamelo1. Ha chalimo e ba ho shebisisa ka tatello joaloka Davida ha a ne a shebile

Bathsheba.2. Ha re nka khato-ha re lula molekong ebe re qalella ho batla mekhoa ea seo

moleko o re fang sona.3. Ha re hana ho baleha e be re ntse re lula sebakeng se kotsi-hoja Davida o ile a

hanela moleko a ka be a sa etsa sebe.2. Ha rea bolokoa re hloekile ka phoso

a) Balumeli ba lokela ho khetha tsela e nepahetseng nako eohle ha khetho e lokela ho etsoa.1. Re lokela ho khetha boits’oaro ha teko ea ho khotsofatsa litlhoko le litakatso tsa

nama hore re etse sebe li re tlela2. Ha re iphumana re le maemong a ka etsang hore re kene molekong , re lokela

hore re tlohe sebakeng seo.3. Re lokela ho khetha khalalelo ha re fuoa likhetho tse isang sebeng.

b) Molimo haa lebella hore re halalele ka matla a rona1. O re fa matla a Moea o halalelang ho re hloekisa litakatsong tsa rona tsa sebe.2. O re fa boteng ba Moea o halalelang ho re matlafatsa hore re phele bophelo

bo halalelang3. Molimo ha a re qobelle ho amohela le ho lumella Moea o halalelang-le mona e

ntse e le khetho ea motho.3. Menahano ea rona ke eona e ka re isang sebeng kapa khalalelong

a) Ha re lumella menahano ea rona ho lula molekong, re khethile tsela ea sebe.b) Ha re hanela mehopolo ea rona ho lula molekong, re khethile tsela ea khalalelo.c) Ha re hanela satane le meleko ea hae,oa re balehela ‘me ebe re hola re matlafetse

moeeng.

Qetello

50

Tsela ea ho ba le mesifa e matlafetseng ea semoea e ‘ngoe to,ke ha u lula u e koetlisa. Re ikoetlisa ka ho hanela meleko le ka ho hana ho etsa sebe.Re ikoetlisa hape ka ho phela khalalelo. Mokhoa o mong oa mantlha oa ho phela khalalelo, ke ho lumella Moea o halalelang ho re hloekisa lipelo le ho laola mehopolo ea rona. Seo Molimo a re laelang sona ,o boetse o re matlafatsa hore re atlehe ho se etsa. O re laetse hore re phele maphelo a hloekileng a halalelang. Moea o halalelang o etsa hore bophelo bona bo halalelang bo khonahale.

Ho keteka khalalelo-lethathamo la lithero Lithero tse ling:ho hloekisoa ke moea o halalelang

RE HLOEKISELITSOE HORE RE LULE RE TS’EPAHALALengolo:Daniel 6

Selelekela

Ha re hlokomela hore khalalelo e ne e khonahala nakong ea testamente ea khale,pele Moea o halalelang o theohela holima bana ba Molimo kaofela,re tlameha ho ela hloko hore khalalelo ke tebello ea nnete balumeling kajeno. Daniele o ne a na le ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe khahlanong le eena-o ile a hapuoa ea ba lekhoba la morena oa balichaba. E ne e le oa mohlobo o sele le oa tumelo e sele lefats’eng leo a hapetsoeng ho lona,’me o ne a hloiloe ke ba bangata. Empa Daniele o ne a na le ntho e le ‘ngoe e ntle bophelong ba hae e entseng hore mathata a hae a mo bebofalle. O ne a na le likamano tsa hae tsa nnete le Molimo a le mong.

Bots’epehi ba hae ho Molimo bo iponahalitse semelong sa hae sa nnete ‘me o ile a ba a nyollelloa kaholimo,boetapeleng ba ‘muso ho sa tsotellehe lintho tsohle tse neng li le khahlanong le eena.

1. Bana ba Molimo ba lokela ho ba le semelo sa nnetea) Daniele o ile a ikhetholla hoo a ileng a beoa kaholimo boetapeleng

1. Morena o ne a tseba hore Daniele a ka ts’epeloa ho netefatsa hore morena a se ke a lahleheloa,e ka ba ka ho se tsotelle, kapa bobolu.

2. Le lira tsena li ne li tseba hore tsela e le ‘ngoe eo ba ka fumanang qoso ka eona ke ka bots’epehi ba hae ho Mollimo oa hae.

b) Ke semelo se fe le boleng bofe boo bana ba Molimo ba nang le tsona kajeno?1. Na u ka ts’epeloa hore u ka etsa mosebetsi-le ha e le o atlehisang lira tsa-

kantle ho bohlasoa kapa bobolu?2. Na u ts’epahala hoo le lira tsa hao li tsebang hore ha li na ho fumana qoso le

ha e le ‘ngoe ho tsoa ho uena ntle le ea likamano tsa hao le Molimo?2. Bana ba Molimo ba lokela ho lula ba ts’epahala ho sa tsotellehe maemo a ba

loants’ang.a) Khumamelo e lokela ho ba eona ea mantlha ho sa tsotellehe maemo a likarolo tse

ling tsa maphelo a rona.1. Daniele o ile a tsoelapele ho rapela le ho khumamela Molimo le ha a se a

utloile hore ka ho etsa joalo o beha bophelo ba hae tsietsing.2. Le ha molao e ne e le oa matsatsi a 30,Daniele ha a ka a fetola nako ea hae ea

khumamelo ka ho lekanya hore Molimo o tla utloisisa.b) Re nkela khumamelo holimo ha kae maphelong a rona?

1. Ke mabaka a fe ao u a lumellang ho u sitisa ho nka nako le Molimo Letsatsi le leng le le leng boithutong ba Bibele le thapelo?

2. Ke eng eo u e lumellang ho u sitisa ho kopana le baena ba bang khumamelong ea kopanelo(e ka ba sontaha kapa matsatsing a mang a beke).

Qetello

51

Bots’epehi ba Daniele maemong a boima lea a thata,ke mohlala ho rona. Rona re betere le ho mo feta. Ha re na Jesu feela e le mohlala oa rona,empa re na le boteng ba Moea o halalelang e le mohloli oa matla a rona. Re ka etsa le lintho tse kholo le ho feta Daniele.- Bots’epehi ba rona e ka ba ba lejoe le thata ha re tobana le liqholotso. Ha Moea o halalelang o re hloekisa o tlosa borona le boikhohomosoe le hore re eme re tiile ‘me re lule re ts’epahalla Molimo kantle le ho ngongore ha ka baka la maemo a rona kapa litlamorao tse itseng. Re hloekisitsoe hore re lule re ts’epahala ho sa tsotellehe maemo kapa liqholotso.

Ho keteka khalalelo-lethathamo la lithero Lithero tse ling:ho hloekisoa ke moea o halalelang

RE HLOEKISITSOE HORE RE ELE HLOKO MEHAROLengolo: Mattheu 26:14-16,27:1-10

Selelekela:Maemong a itseng, re tla ho Jesu Kreste ka boikhabo kapa re tletse borona- ha re batle ho ea liheleng, re labalabela t’soarelo, re batla ho hlakoloa melato, le tse ling. Litakatso tsena tse tletseng borona li tlameha ho emeloa ke takatso e tebileng ea ho khumamela le ho sebeletsa Molimo ka baka la seo a leng sona. Batho ba bang, leha hole joalo ba batla likamano le Jesu hobane feela ba batla lintho tse itseng ho eena. Baruti ba t’sepisang batho “ bophelo bo botle, leruo le nala” ha ngata ba fumana bolateli bo bongata kapele. Ho ne ntse ho le joalo le mehleng ea Jesu – bongata ba ba neng ba bokane ho Jesu, ba ne ba natefeloa ke mehlolo le lithero, empa ba ne ba sa batle ho ba le likamano tse fetolang le Jesu. Batho ba bangata, ‘moho le ba bang ba barutuoa ba hae ba ne ba lebeletse hore Jesu a khutlise khanya ‘Muso oa Davida Iseraeleng. Joaloka ha ho hlakile hore e ne e le oona morero oa Jesu, ba bangata ba ile ba nyahama ‘me ba tlohela ho latela Jesu. Judas Iskariota ke e mong oa bona.

1. Ela hloko meharo ho seo u batlang ho se fihlela.a. Ha rea lokela ho latela Jesu ka takatso ea ho ateloa ke lintho tse itseng.

1) Ho ateloa joale ho fetoha “molingoana” oa rona e seng Jesu.

2) Ha rea lokela ho ba le molimo e mong empa eena feela.

b) Ha rea lokela ho latela Jesu ka takatso ea ho batla boetapele kapa botumo.1) Jesu ha se se sebelisuoa sa rona hore re mo sebelise kamoo re batlang ho

tlola ba bang ka teng.2) Jesu ha a shoa hore a tlo khotsofatsa litakatso le litabatabelo tsa botumo ba

rona.c) Ha re leka ho sebelisa Molimo hampe re batla ho phetha meroro ea rona re ithetsa

re re ke thato ea hae,re tla phoqeha.2. Meharo e qetella e u etsa moeki.

a) Ha meharo e se be motheo oa maphelo a rona,bots’epehi ba rona ho Jesu boa thefuleha. 1) Ho tla ba bobebe ho rona hore re fane ka mabaka hore re lokafatse meharo ea

rona.2) Ho nka ntho e fe kapa e fe e le eona ea pele ke boeki ho sehlabelo sa Jesu se

boelantseng likamano tsa rona le Molimo.b) Ha bots’epehi ba rona ho Kreste bo hlapolloa, boikitlaetso ba rona ho eena boa

fokotseha.1. Rea ithetsa haeba re nahana hore re ka sebeletsa Molimo le chelete (sheba Mattheu 6:24).

2. Re qalella ho itokafatsa ka pel’a Molimo,re leka ho mo netefaletsa hore re lokeloa ke seo re se labalabelang,’me re bonts’a kamoo litakatso tsa rona le liketso tsa rona li leng ntle ka teng li bile li amohelehang kateng.

3. Moea O Halalelang o re hloekisa litakatso tse borona le merero e borona.a) Moea O Halalelang o re hloekisa borona,joale tsela e le ‘ngoe eo re ka holang ka

eona pelong e halalelitsoeng,ke ha peo eo ea meharo e ka lumelloang ho hlahisa methapo ‘me joale ea tloheloa hore e hole.

52

b) Moea O Halalelang o hlaba matsoalo a rona ha meharo kapa borona bo leka ho etsa methapo,e le ho re fa monyetla oa hore re hanele meharo hore e hole ka ho rona.

QetelloBao Kreste a ba lokolotseng ba lokolohile ele kannete.Re lokolotsoe meharong le mererong ee borona ,Moea O Halalelang o re hloekisa lipelo,e le hore re lule re hlahloba merero ea rona ho netefatsa hore litakatso tsa rona le litakatso tsa rona li etsa hore tlotlise Molimo le bottle ba ‘muso oa hae.

Ho keteka khalalelo-lethathamo la lithero Lithero tse lingho hloekisoa ke moea o halalelang

RE HLOEKISITSOE HORE RE TS’OARELE RE BE RE LEBALLELengolo:Genese 42;45:3-7

Selelekela:

Batho ba Afrika ka kakaretso,ha ba ile ba tobana le lipolao le litlhekefetso tse mpe matsohong a ba bang linakong tse fapaneng lilemong-ekaba lichaba tsa boahelani kapa linaha tse ling tsa mehlobo e meng. Ka mokhoa o ts’oanang,Maiseraele le ona,sechaba se khethiloeng sa Molimo,ba ile ba hlokofatsoa ka lilemo.Kajeno, re bala pale ea Josefa, monna e mong ea ileng a hlokofatsoa hamper. ke bana babo ‘me ba mo rekisa hore e be lekhoba.Lintho tse bohloko, tse sa ts’oareloeng, liaetsahala baneng ba Molimo.Bana ba Molimo ba tlameha ho etsang tabeng ee?

1. Ha rea lokela ho lumella maemo a fetileng kapa a ha joale ho re arohanya le Molimo.a) Leha ene ele lekhoba naheng e hole,Josefa o ile a nna a boloka likamano tsa hae

le Molimo.1) Leha e ne e le lekhoba naheng e hole,Josefa o ile a ts’epa Molimo hore o tla

mo hlokomela.2) E ne e le bohlale le temoho eo a e fumaneng ho Molimo ea behang Josefa

boemong boo a ka sebelisoang tlotlisong ea Molimo.b) Na u kene bokhobeng ka baka la maemo a fetileng kapa a ha joale bophelong ba

hao?1) Na u iphumane u lutse linthong tse bohloko tseo u fetileng ho tsona kapa lintho tseo

batho ba li buileng kapa ba li entseng ho u hlokofatsa?2) U na le lehloeo le tebileng kapa takatso e tebileng ea boiphethetso hoo u sitisang pelo

ea hao ho itsebela kapa ho natefeloa ke boteng ba Molimo bophelong ba hao?2. Ts’oarelo ke tloaelo ea bana ba Molimo, e le hore likamano tsa rona le eena li tle

li bonahatsoe ke likamano tsa rona le batho ba bang.a) Re bona pako kapa re sa e bone, re tlameha ho ts’oarela.

1) Ho hana ho ts’oarela ho utloisa rona bohloko ho feta mang kapa mang.2) Ts’oarelo e re lokolla litlamong tsa lits’ito tse fetileng.

3. Ha Moea O Halalelang o re hloekisa lipelo, o re lokolla hore re ts’oarele.a) Ho talimisa mahlo a rona ho Jesu ho re thusa ho boloka mehopolo e metle.

1. Re hlokomela botebo ba sebe sa rona le ts’oarelo eo re e fumaneng.2. Re ananela hore Molimo oa ts’epahala ho re a tlise toka ka nako ea

hae.b) Moea O Halalelang o etsa hore lintho tse sa etsahaleng li etsahale.

1) Seo re sitoang ho se ts’oarela ka matla a rona o re fa matla a hore re se ts’oarele.

2) Bao re sa khoneng ho ba rata ka matla a rona,a ka ba rata ka rona.

Qetello:

53

Se seng sa lintho tse hlalohanyang bana ba Molimo ho lefats’e ke semelo sa ho ts’oarela.Lerato ,mohau le matla a Moea O Halalelang li teng ho rona ho iponahatsa kapa ho sebetsa ts’oarelong, ha re li lumella.Etsa hore ho se be motho ea reng bana ba Molimo ha ba rate ho ts’oarela. Empa, ha re pheleng selekaneng sa t’soarelo ea Molimo ka Jesu Kreste ka ho t’soarela ba re sitetsoeng. Re ke ke ra e etsa ka matla a rona, empa ha re pheleng re le ba hloekisitsoeng ka Moea o Halalelang hore re t’soarele ba re sitetsoeng.

Ho keteka khalalelo-lethathamo la lithero Lithero tse ling:ho hloekisoa ke moea o halalelang

RE HLOEKISITSOE HORE RE PHELE JOALOKA JESULengolo: Baefese 5:1-10

Selelekela:

Bana ba etsisa batsoali ba bona. Seo ba boneng ‘me’ oa bona a se etsa kapa seo ba utloileng ntate oa bona a se bua, ho bobebe hore ba se etse kapa ba se bue. Sena se re beha tsietsing ka linako tse ling, haholo ha re bona bana ba rona ba kopitsa limelo tse “mpe” tsa rona empa ha ba kopitsa ‘ litloaelo tse ntle’ ha re ngongorehe. Joale ha rele bana ba Molimo re na le eo e leng mohlala oa rona, ea sa etseng mehlala e mebe,re lokela ho etsisa Molimo joaloka ha re le bana ba hae, ‘me Jesu ke mohlala o phethahetseng oa rona. Empa ha re mo kopitse feela tjena ka borona – o re file Moea o Halalelang hore o phele ka ho rona e le hore re be le semelo se t’soanang le sa hae.

1. Moea o Halalelang o re matlafatsa hore re phele bophelo ba lerato 5:1-2)a) Lerato le lokela ho ba semelo sa rona

1) Molimo o lerato, e seng le fokolang le se nang matla, empa ke le tiileng le matlafetseng ka mehla eohle.

2) Re lokela ho lemella lerato la hae hore la phalle ka ho rona ‘me le qalelle ho re fa semelo se secha.

b) Lerato le tlameha e be lona le re khothatsang1) Morena Jesu o phetse a ba a shoa ka lebaka la lerato le leholo ho rona, o ile a

beha tlhoko ea pholoho ea rona ka holim’a lintho tsohle.2) Likhetho tsa rona li lokela ho phallela leratong le sa ikhabeng.

2. Moea o Halalelang o re hloekisa hore re phele bophelo ba khalalelo (5:3-5) a) Ho ea lokela hore ho be le ho hloka lihlomo baneng ba Molimo.

1) Re lokela ho qoba le chebahalo feela ea bonyala, lit’sila kapa meharo2) Ana ke mat’soao a melingoana ‘me ha a na sebaka baneng ba Molimo.

b) Bana ba Molimo ba lokela ho tlala ka ho leboha.1) Litlhapa, lipuo tsa booatla le bosoasoi bo lit’sila ha bo na sebaka.2) Ana ke mat’soao a bont’sang hore re lebetse hore re rekiloe ka theko ‘me re

amoheloa lelapeng la Molimo.3. Moea o Halalelang o re hloekisa hore re phele bophelo ba leseli(5:6-10)

a) Se ke oa foufatsoa ke lefifi.1) Se ke oa lumella mantsoe a lefeela ho u khelosa.2) Leka lintho tsohle ka lentsoe la Molimo hore u fumane nnete.

b) Khant’sa ka leseli lefifing le u potileng.1) Ha re etsa botle, ho loka le nnete re bonesa ka leseli la Evangeli.2) E mong le e mong a ka tlisa phapang hobane le leseli le lenyenyane le leleka

lefifi.

Qetello

54

Kajeno ha re ketekeng mpho ea Molimo ea Moea oa hae o Halalelang o phelang ka ho rona, ka matsatsi ohle o re fetola joalo joalo ho t’soaneng le mor’a oa oona. Re bana ba Molimo, re amohetsoe lapeng la hae. Ha re amohela Jesu Kreste. Ho sa tsotellehe hore na ke life lintho tse ling tse teng, ha re amoheleng taba ea ho ba baetsisi ba Molimo joaloka ha re le bana hae ba ratoang haholo. Na u se u inehetse ho Molimo hore o fetoleloe ho t’soaneng le eena ka Moea o Halalelang? Ha ho na nako e ntle joaloka ena hore u fane ka uena ho Molimo hore u halaletsoe ka hohle, hore u phele bophele ba lerato, khalalelo le leseli. Re ka etsa seo ha feela re hloekisitsoe ra ba ra matlafatsoa ka Moea o Halalelang.

Ho keteka khalalelo-lethathamo la lithero Lithero tse ling:ho hloekisoa ke moea o halalelang

HO LAPELA LE HO NYORELOA BOPHELO BO SA FELENGLengolo:Mareka10:17-31

Selelekela:

Tse ling tsa lipotso tsa bohlokoa tsa Bibeleng ke: “ Ke etsang hore ke tle ke rue lefa la bophelo bo sa feleng?”(Mareka 10:10:17); “ Banna ba heso, re tla etsang hore re bolokehe?”(Liketso 2:37); “ Benghali,e ka khona ke etse joang ho bolokeha?”(Liketso16:30)

1. Ho lapela le ho nyoreloa bophelo bo sa feleng.a) E ka nna eaba o ile a nahana hore o lapetse thutob) O ile a leka ho fumana khotsofalo ka ho boloka melao ea kereke(Mareka10:20).c) O ile a leka ho khotsofatsa lenyora la hae ka maemo a hae sechabeng –

‘musi(Luka18:18). E ne e le moetapele oa sinagoge, tichere kapa e mong oa baetapele bafarisi(Johanne3:1-2)

d) O lekile maruo(Mareka 10:22)e) Joaloka moruti e moholo ea hlahang bukeng ea moekelesia, o ile a leka ho

khotsofatsa lenyora la hae ka lintho tse t’soarehang. O ile a qetella a hlokometse hore tsohle ke lefeela.(Moekelesia1:2)(mohlala)

2. Kopano ea hae le Jesu, bophelo bo sa feleng.a) Qetellong o ile a tseba hore tlhoko ea hae ea pele ke bophelo bo sa feleng; tlhoko eo

chelete e ke keng ea e reka.b) O ne a tseba hore Jesu ke eena feela ea ka mo thusang(Johanne14:6)c) O ne a lapile a bile a nyoriloe hoo a ileng a tla ho Jesu a matha(Mareka10:17)d) O ne a lapile, a nyoriloe hoo a ileng a lebala maemo a hae ‘me a ikokobetsa ka pel’a

Jesu(Mareka10:17,2 Likronike7:14)e) O ile mothong ea nepahetseng a ba a botsa potso e nepahetseng. O ile a bolelloa hore a boloke melao hobane sena e ne e le bothata ba hae ba

mantlha. O ne a robile molao oa pele – maruo e ne e le molingoana ho eena. O ne a robile molao oa bobeli – o ne a sa rate bahaisane ba hae ba

futsanehileng(Mattheu19:19)f) Jesu o ne a mo rata(Mareka10:21)g) O ne a hloka ntho e le ‘ngoe feela – bophelo bo sa feleng e seng lintho tse t’soarehang

tseo a neng a na le tsona.(mohlala)3. Ho hana hoa hae ho hoholo hoa ho amohela Jesu, bophelo bo sa feleng.a) O hanne ho tlosa ntho e etsang hore a lape a nyoroe.b) O hanne letlotlo la leholimo a amohela letlotlo la lefat’se.c) O hanne memo ea ho latela Jesu.d) O ile a sheba fat’se ‘me a tloha ho Jesu a soabile, a koatile, a hlokofetse ho feta pele.

e) O tlile ho Jesu a na le mathata empa o tlohile ho Jesu mathata a hae a ngatafetse.f) O ne a fihlile monyako oa letlotlo la leholimo empa a hana ho kena.g) Ha a ne a tla ho Jesu o ne a le tseleng e eang leholimong, empa ha a khutla ho

Jesu o ne a le tseleng e isang timelong ka ho sa feleng.(mohlala)

55

Qetello: Ha monna oa morui a se a tsamaile, Jesu o ile a sheba barutuoa ba hae are;” Ho ea ba thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena ‘musong oa Molimo.” (Mareka 10:23). O shebile uena hona joale, ‘me o bona tlhoko ea hao hape o utloa potso e kholo ea pelo ea hao. Ha a u sheba, o u rata joaloka ha a ratile monna eo ea neng a na le bohloki lilemong tse 2000 tse fetileng. U monyako oa leholimo empa u lokela ho kena ka monyako oa teng joaloka kamehla ha a ne e tloaetse ho kena ka lesoba la nale. Ke kopa u se ke oa hana ea ba o tloha ho Jesu ka sefahleho se shebileng fat’se se soabileng. Se ka ba tloha mona u sa nka Jesu.

Ka Dr Enoch Litswele – Former Assistant to Regional Director for Africa

Ho keteka khalalelo-lethathamo la lithero Lithero tse ling:ho hloekisoa ke moea o halalelang

BATHO BA MOLIMO BA FURALLE LITSELA TSE KHOPOLengolo:2Likronike7:14

Selelekela:

Sehlooho sa molaetsa ona se shebahala se sa lumellane le tloaelo ea tlhaloso ea rona ea khalalelo – batho ba Molimo ba furalla litsela tse khopo!

Ho latela monahano oa rona, ke baetsalibe le bahetene ba tlamehang ho furalla sebe le bokhopo. Leha ho le joalo, lengolo la rona leo re le balileng le re bont’sa ka ho hlaka hore batho ba Molimo ha ba ka holimo ho sebe ‘me ha ba entse sebe ba lokela ho ikokobetsa ‘me ba bake bokhopong ba bona.

1. Batho ba Molimo ha se batho ba khopo.a) Ba lokolotsoe bokhopong ba bona.b) Ba t’soaretsoe ‘me ba laetsoe ho se hlole ba etsa sebe (Johanne 8:11)c) Ha ba sa tsoelapele ho etsa sebe hobane ba shoele ka n’geng ea sebe (Baroma 6)d) Ba lokolotsoe molaong oa sebe le lefu (Baroma8)e) Ka mohau oa Molimo ba khona hore che ho sebe (Tite 2:11-12)

2. Batho ba Molimo ba ka ikhethela ho etsa sebe.a) Adama le Eva e ne e le batho ba Molimo ba entsoeng ka ho t’soana le Molimo. Ba

ne ba se na mengoapo ea sebe empa ba ile ba oa mohaung. Ba oa ho lokeng hoa boAdama.

b) Sebe sa batho ba Molimo ba ipitsang ka lebitso la hae, se utloisa bohloko ho feta sebe sa mohetene. Sena ke nnete ho tsoa Testamenteng ea khale, Testamenteng e ncha le kerekeng kajeno.

c) Bokhopo ba batho ba Molimo bo sitisa ho phalla hoa litlhohonolofatso tsa Molimo ho tsoa leholimong.

3. Batho ba Molimo ba a t’soareloa ha ba baka ‘me ba furalla sebe sa bona.a) Saule le Davida e ne e le bana ba Molimo ‘me bobeli ba bona ba entse sebe. Sebe

sa Saule e ne e le ho se utloe litaelo. Sebe sa Davida e ne e le ho bolaea le bohlola. Saule o ile a ikhethela ho se bake empa Davida o ile a baka.

b) Esaia e ne e le moporofeta oa Molimo empa o ne a na le bokhopo. Eitse ha a hlokomelisoa sebe sa hae o ile a ikokobetsa ‘me a baka (Esaia 6)

c) Petrose le Judase Iskariota e ne e le batho ba Molimo ‘me bobeli ba bona ba ile ba etsa sebe. Bobeli ba bona ba ile ba hlokomelisoa sebe sa bona. Judase o ile a hana ho baka a ba a ipolaea (Mattheu 27:3-5). Petrose o ile a ikokobetsa ‘me a baka (Luka 22:60-63)

d) Ha rea lokela ho etsa sebe, empa ha re ka etsa sebe, re na le Jesu e le sehlabelo se re lefellang libe tsa rona.

e) 1Johanne1:9 kea bana ba Molimo e seng bahetene.

Ka Dr Enoch Litswele

56

Former Assistant to Regional Director for Africa

57

Ho keteka khalalelo lethathamo la lithero Lithero tse lingho hloekisoe ke moea o halalelang

SEBE, BOTHATA BA MOTHOLengolo:2 Marena 5:1-19

Selelekela

Hangata bophelong re teana le batho ba t’soeroeng ke mafu a mangata a fapaneng, a mang a bohloko ho feta a mang. Naamane o ne a t’soeroe ke lefu le bohloko haholo le hlokang ho eloa hloko. Leha a bonahala e ka o ne a phetse hantle hape o atlehile mahlong a batho ‘me o ratoa le ke morena, o ne a na le bothata.

1. Sebe sea bolaeaa) Lepera e ne e le lefu le bolaeang ha le sa phekoloe, ho joalo le ka sebe; se ka

senya bophelo ba motho.b) Moea o etsang sebe o tla shoa (Ezekiele18:20)

2. Sebe sea t’soaetsanaa) Balepera, joaloka Naamane ba ne ba lokela ho tlosoa har’a batho ba bang e be ba

roala tloloko hore ba hlokomelise batho hore ba ntse ba tla ka boemo ba bona bo silafetseng. Joaloka lepera, sebe le sona se na le t’susumetso e joalo.

b) Batho bao re qetang nako e kholo re na le bona ba na le t’susumetso e kholo ho rona” litloaelo tse mpe li bolisa mekhoa e metle” (1 Bakorinthe15:33)

3. Sebe sea phekolehaa) Moprista o ne a lokela hore a hlahlobe molepera kapa motho e mong le e mong ea

neng a kula, ‘me a phatlalatse motho eo a hloekile kapa a sa hloeka ho latela seo a se fumaneng mothong eo. Joale kajeno, ka ha Kreste o fane ka pheko ea ho hloekisa libe, molumeli e mong le e mong e le karolo ea “moloko o khethuoeng oa Molimo, moprista le morena, mofuta o halalelang (1Petrose2:9), o lokela ho elelloa sebe bophelong ba hae ‘me a phatlalatse hore ke sebe ha se qala se iponahatsa.

b) Naamane o ile a tsebisoa ke lekhabunyane ka moporofeta oa Samaria ‘me a etela Elisha, monna oa Molimo. Ha a latetse litaelo tsa ho re a tle a fole tsa Elisha, o ile a folisoa lepera la hae.

c) Paulosi oa bolela ho Baroma7:24-25,” Ke motho ea soto hakakang! Ke mang ea tla nkholla ‘meleng ona oa lefu? Ke leboha Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rona.”

d) Re hloekisoa ka mali a Jesu.” Empa ha re tsamaea leseling, joalo ka ha oona o le leseling, re na le kopano hammoho,’me mali a Jesu Kreste mora oa oona, a re hlatsoa libe tsohle.”(1Johanne1:7)

Qetello:

Ho na le batho ba bangata lefat’seng mona ba etsang hantle e be ba iphumanela botumo bo botle le ho ratuoa ke batho, empa lipelong tsa bona ba na le bothata bo bitsoang sebe. Sebe sena sea bolaea, sea t’soaetsana, empa se ka hloekisoa ka mali a Jesu Kreste e leng eena konyana e phethehileng ea Molimo.

“ Bonang ke konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefat’se.”(Johanne1:29)

Na u hlapile maling a Jesu? U ka hlatsuoa oa hloekisoa hona joale ‘me oa lokoloha hore u phele bophelo ba tlholo ka Jesu?

Ka Rev Kenneth Phiri

58

Africa Regional NYI President

59