ditlhahlobo tsa tshusumetso tikolohong bakeng sa ... - eia for... · kenyeletsa bohle ka ho...

4
1 N ALANE Morafo wa Taemane wa Koffiefontein o fumanwa sebakeng se thokwana Polasing ya Koffiefontein 733 Porovenseng ya Foreisetata, 100 km ka borwa ho tloha toropong ya Kimberley. Banga ba morafo ona ke Petra Diamonds le Re-Teng Diamonds (Pty) Ltd. Sebopeho sa Kaho sa morafo ona se qadile ho tloha (1870) e le mekoti e bulehileng ho fihlela ka 1981 ha ho ne ho qalwa ho kenngwa tshebetsong morafo wa ka tlasa lefatshe. Morafo wa ka tlasa lefatshe o bakile hore ho be le ditlhoko tse ding bakeng sa matamo a selaeme (Letamo le Bophirima, Letamo le Bohareng le Letamo le Botjhabela) hona ka hara sebaka sa morafo. Koffiefontein ke o mong wa merafo e phahameng ya lefatshe ya kimberlite ka kakaretso ka boleng ba boholo ba karate ya taemane e tswang moo. Morafo ona o hlahisa ditaemane tsa boleng bo hodimo, karolwana e tlwaelehileng eo e le ditaemane tse tshweu tse ntle mahareng a dikarata tsa boholo tse 5 le 30. Bophelo ba Morafo oo bo lebelletswe ho fihla dilemong tse 15 empa ka lebaka la diketsahalo tse ntseng di tswela pele tsa ho boela ho rafshwa hape mmaeneng ona, nako ena e ka nna ya eketseha. D ITLHOKO BAKENG SA P OROJEKE E S ISINTSWENG Morafo ona o ntse o fellwa ke sebaka bakeng sa ho qhala diselaeme ho tloha morafong wa jwale wa taemane hape le ditshebetso tsa tsamaiso ya ho rafa. Ho tla hlokeha letamo le letjha la diselaeme mme le la hahwa hantle ka ho lekana hore le kgone ho akaretsa katoloso ya Bophelo ba Morafo (dilemo tse 15). Letamo la diselaeme le tla ba sebakeng sa morafo, malebana le matamo a ntseng a le teng a diselaeme ho etsa bonnete ba hore le lona letamo la selaeme le sisintsweng le tle le qhalwe ka mokgwa o nang le boikarabelo hodima tikoloho. Leano la Katoloso ya Petra Diamonds Morafong wa Taemane wa Koffiefontein Diamond Mine le lebelletswe hore ho eketswe tlhahiso ka selemo sa 2017.Morafo wa Taemane wa Koffiefontein ha jwale o fumane tumello ya tikoloho ka molao bakeng sa ho rafa moo. Zitholele Consulting e se e thontswe ke Morafo wa Taemane wa Koffiefontein hore e etse Ditlhahlobo tsa Tshusumetso ya Tikoloho (EIA) bakeng sa letamo la selaeme le sisintsweng ho atoloswa hammoho le sebopeho sa kaho se amanang le lona. Ditlhahlobo tsa EIA di tla hlwaya, sisinya le ho hlahloba ditsha tseo ho ka sebeletswang ho tsona hammoho le hore letamo la selaeme le ka hahwa hokae, dithekenoloji tse fapaneng bakeng sa ho laola selaeme le meralo e fapaneng e ka kgonehang bakeng sa ditshebeletso tsa ho qhala. Sebopeho sa kaho se amanang le ona se ka nna sa kenyeletsa: Diphaepe bakeng sa ho teranseporota selaeme ho se isa letamong la ho qhala selaeme Ditshebeletso tse kenyeletsang phepelo ya metsi ka mokgwa wa lethathama la diphaepe hammoho le sebopeho sa kaho se amanang le tsona, ke hore dipompo le Ho fihlella le ho baballa ditsela tsa letamo la selaeme. Tokomane ena ya Tlhahisoleseding ya Nalane (BID) e thusa ba nang le kgahleho le/kapa Mekgatlo e amehang ka tlhahisoleseding ka tsamaiso ya Ditlhahlobo tsa Tshusumetso tse etswang ke Zitholele Consulting bakeng sa ntshetsopele e sisintsweng ya letamo le letjha la selaeme bakeng sa Morafo wa Taemane wa Porovenseng ya Foreisetata. Tokomane ya Tlhahisoleseding ya Nalane e boela hape e thusa batho ba nang le kgahleho le mekgatlo e amehang (I&APs) ka monyetla wa ho: Rejisetara jwaloka bankakarolo tsamaisong ena ya ditlhahlobo tsa EIA le ho ka nka karolo tsamaisong ya hore setjhaba se phehise hape le Ho hlahisa maikutlo ka porojeke ena e sisintsweng. Sepheo sa ditlhahlobo tsa EIA ke ho hlwaya le ho lekola Tshusumetso e ka bang teng ho ka etsa ditshisinyo ka mehato e ka nkuwang ho qoba kapa ho fokotsa Tshusumetso e mpe hape le ho matlafatsa kgahlamelo e ntle. Bookamedi bo etsang qeto ba Lefapha la Ntshetsopele ya Ikonomi le Merero ya Tikoloho la Foreisetata (the DETEA). Ha o ka rejisetara jwaloka monkakarolo, o tla kenyeletsa lenaneng la polokelo la bankakarolo mme o tla fumana ditokomane tse ding hape bakeng sa tekolo botjha le ho hlahisa maikutlo. Maikutlo a hao a tla etsa bonnete ba hore ditaba tsohle tse amanang le le tsamaiso ena di a kenyeletswa. Ho ka hlahiswa maikutlo a hao le ho ka romela dintlha tsa hao tseo o ka bang le tsona bohatong ba jwale, tlatsa pampitshana ya ho rejisetara e kenyeleditsweng, ngola lengolo, letsa kapa o romele imeili ofising ya ho nka karolo ya setjhaba (dintlha tsa ho buisana di ka fatshe mona). Ditokomane tsohle tsa setjhaba di tla fumaneha inthaneteng ho :http://www.petradiamonds.com le ho http://www.zitholele.co.za/eia-for- koffiefontein-slime-dam. Ofisi ya Bankakarolo ba Setjhaba Nicolene Venter Zitholele Consulting (Pty) Ltd Lebokose la Poso 6002, Halfway House, 1685 Mohala: 011 207 2077 Fekese: 086-676-9950 Imeili: [email protected] Dipotso tsa setekginiki Bongani Dhlamini Mohala: (011) 088-8460 Fekese: 086-676-9950 Imeili: [email protected] Ditlhahlobo tsa Tshusumetso Tikolohong bakeng sa Ntshetsopele ya Letamo le letjha la Selaeme la Koffiefontein Morafong wa Taemane wa Koffiefontein REF NR: EMS/23(ii), 3, 15/14/11 NEAS Ref: FSP/EIA/0000379/2014, TOKOMANE YA TLHAHISOLESEDING YA SELELEKELA Phupjane 2014 Morafo wa Koffiefontein ho fihla ha kana o se o entse diphuphutso tse ka kgonehang bakeng sa ho qhala selaeme. Ho ile ha fumanwa hore mokgwa o ka sebetsang ka ho phethahala wa ho laola selaeme e ne e le ho haha sesebediswa sa letamo la selaeme. Dikgetho bakeng sa sesebediswa sa ho qhala selaeme di ile tsa fuputswa hona sebakeng seo sa morafo. Ditsha tse mmalwa tse hlwauweng, tse hlahlobuweng ebile tse lekotsweng ho latela mokgwa wa diteko o sebetsanang le setekginiki, tikoloho le phedisano. Ho ile ha hlwauwa ditsha tse ding tse tharo tse bontshang bokgoni ba ho sebetsana le seo mme di tla fuputswa ka botlalo tsamaisong ena ya EIA. Motjha wa 1 o hlwauweng se fana ka bopaki ba hore ho ka ba le kotsi ya bophelo & tikoloho setjhabaneng sa boahisane se moo mme ka tsela e jwalo ho ile ha tswelwa pele ho hlahlobuwa dibaka tse pedi fela. Ditsha tsena tse ding tse ka thoko di hlakisitswe mmapeng o kenyeleditsweng mona.

Upload: others

Post on 02-Aug-2020

1 views

Category:

Documents


0 download

TRANSCRIPT

Page 1: Ditlhahlobo tsa Tshusumetso Tikolohong bakeng sa ... - EIA for... · kenyeletsa bohle ka ho otloloha. E boela hape e thusa bankakarolo ka tlhahisoleseding e lekaneng mme e ba fa monyetla

1

NALANE

Morafo wa Taemane wa Koffiefontein o fumanwa sebakeng se thokwana Polasing ya Koffiefontein 733 Porovenseng ya Foreisetata, 100 km ka borwa ho tloha toropong ya Kimberley. Banga ba morafo ona ke Petra Diamonds le Re-Teng Diamonds (Pty) Ltd. Sebopeho sa Kaho sa morafo ona se qadile ho tloha (1870) e le mekoti e bulehileng ho fihlela ka 1981 ha ho ne ho qalwa ho kenngwa tshebetsong morafo wa ka tlasa lefatshe. Morafo wa ka tlasa lefatshe o bakile hore ho be le ditlhoko tse ding bakeng sa matamo a selaeme (Letamo le Bophirima, Letamo le Bohareng le Letamo le Botjhabela) hona ka hara sebaka sa morafo.

Koffiefontein ke o mong wa merafo e phahameng ya lefatshe ya kimberlite ka kakaretso ka boleng ba boholo ba karate ya taemane e tswang moo. Morafo ona o hlahisa ditaemane tsa boleng bo hodimo, karolwana e tlwaelehileng eo e le ditaemane tse tshweu tse ntle mahareng a dikarata tsa boholo tse 5 le 30.

Bophelo ba Morafo oo bo lebelletswe ho fihla dilemong tse 15 empa ka lebaka la diketsahalo tse ntseng di tswela pele tsa ho boela ho rafshwa hape mmaeneng ona, nako ena e ka nna ya eketseha.

DITLHOKO BAKENG SA POROJEKE E

SISINTSWENG

Morafo ona o ntse o fellwa ke sebaka bakeng sa ho qhala diselaeme ho tloha morafong wa jwale wa taemane hape le ditshebetso tsa tsamaiso ya ho rafa. Ho tla hlokeha letamo le letjha la diselaeme mme le la hahwa hantle ka ho lekana hore le kgone ho akaretsa katoloso ya Bophelo ba Morafo (dilemo tse 15). Letamo la diselaeme le tla ba sebakeng sa morafo, malebana le matamo a ntseng a le teng a diselaeme ho etsa bonnete ba hore le lona letamo la selaeme le sisintsweng le tle le qhalwe ka mokgwa o nang le boikarabelo hodima tikoloho.

Leano la Katoloso ya Petra Diamonds Morafong wa Taemane wa Koffiefontein Diamond Mine le lebelletswe hore ho eketswe tlhahiso ka selemo sa 2017.Morafo wa Taemane wa Koffiefontein ha jwale o fumane tumello ya tikoloho ka molao bakeng sa ho rafa moo. Zitholele Consulting e se e thontswe ke Morafo wa Taemane wa Koffiefontein hore e etse Ditlhahlobo tsa Tshusumetso ya Tikoloho (EIA) bakeng sa letamo la selaeme le sisintsweng ho atoloswa hammoho le sebopeho sa kaho se amanang le lona. Ditlhahlobo tsa EIA di tla hlwaya, sisinya le ho hlahloba ditsha tseo ho ka sebeletswang ho tsona hammoho le hore letamo la selaeme le ka hahwa hokae, dithekenoloji tse fapaneng bakeng sa ho laola selaeme le meralo e fapaneng e ka

kgonehang bakeng sa ditshebeletso tsa ho qhala.

Sebopeho sa kaho se amanang le ona se ka nna sa kenyeletsa:

• Diphaepe bakeng sa ho teranseporota selaeme ho se isa letamong la ho qhala selaeme

• Ditshebeletso tse kenyeletsang phepelo ya metsi ka mokgwa wa lethathama la diphaepe hammoho le sebopeho sa kaho se amanang le tsona, ke hore dipompo le

• Ho fihlella le ho baballa ditsela tsa letamo la selaeme.

Tokomane ena ya Tlhahisoleseding ya Nalane (BID) e thusa ba nang le kgahleho le/kapa Mekgatlo e amehang ka tlhahisoleseding ka tsamaiso ya Ditlhahlobo tsa Tshusumetso tse etswang ke Zitholele Consulting bakeng sa ntshetsopele e sisintsweng ya letamo le letjha la selaeme bakeng sa Morafo wa Taemane wa Porovenseng ya Foreisetata.

Tokomane ya Tlhahisoleseding ya Nalane e boela hape e thusa batho ba nang le kgahleho le mekgatlo e amehang (I&APs) ka monyetla wa ho:

Rejisetara jwaloka bankakarolo tsamaisong ena ya ditlhahlobo tsa EIA le ho ka nka karolo tsamaisong ya hore setjhaba se phehise hape le

Ho hlahisa maikutlo ka porojeke ena e sisintsweng.

Sepheo sa ditlhahlobo tsa EIA ke ho hlwaya le ho lekola Tshusumetso e ka bang teng ho ka etsa ditshisinyo ka mehato e ka nkuwang ho qoba kapa ho fokotsa Tshusumetso e mpe hape le ho matlafatsa kgahlamelo e ntle.

Bookamedi bo etsang qeto ba Lefapha la Ntshetsopele ya Ikonomi le Merero ya Tikoloho la Foreisetata (the DETEA).

Ha o ka rejisetara jwaloka monkakarolo, o tla kenyeletsa lenaneng la polokelo la bankakarolo mme o tla fumana ditokomane tse ding hape bakeng sa tekolo botjha le ho hlahisa maikutlo. Maikutlo a hao a tla etsa bonnete ba hore ditaba tsohle tse amanang le le tsamaiso ena di a kenyeletswa. Ho ka hlahiswa maikutlo a hao le ho ka romela dintlha tsa hao tseo o ka bang le tsona bohatong ba jwale, tlatsa pampitshana ya ho rejisetara e kenyeleditsweng, ngola lengolo, letsa kapa o romele imeili ofising ya ho nka karolo ya setjhaba (dintlha tsa ho buisana di ka fatshe mona).

Ditokomane tsohle tsa setjhaba di tla fumaneha inthaneteng ho :http://www.petradiamonds.com le ho http://www.zitholele.co.za/eia-for-koffiefontein-slime-dam.

Ofisi ya Bankakarolo ba Setjhaba Nicolene Venter Zitholele Consulting (Pty) Ltd Lebokose la Poso 6002, Halfway House, 1685 Mohala: 011 207 2077 Fekese: 086-676-9950

Imeili: [email protected]

Dipotso tsa setekginiki Bongani Dhlamini Mohala: (011) 088-8460 Fekese: 086-676-9950 Imeili: [email protected]

Ditlhahlobo tsa Tshusumetso Tikolohong bakeng sa Ntshetsopele ya Letamo le letjha la Selaeme la Koffiefontein Morafong wa Taemane wa Koffiefontein

REF NR: EMS/23(ii), 3, 15/14/11 NEAS Ref: FSP/EIA/0000379/2014,

TOKOMANE YA TLHAHISOLESEDING YA SELELEKELA Phupjane 2014

Morafo wa Koffiefontein ho fihla ha kana o se o entse diphuphutso tse ka kgonehang bakeng sa ho qhala selaeme. Ho ile ha fumanwa hore mokgwa o ka sebetsang ka ho phethahala wa ho laola selaeme e ne e le ho haha sesebediswa sa letamo la selaeme. Dikgetho bakeng sa sesebediswa sa ho qhala selaeme di ile tsa fuputswa hona sebakeng seo sa morafo. Ditsha tse mmalwa tse hlwauweng, tse hlahlobuweng ebile tse lekotsweng ho latela mokgwa wa diteko o sebetsanang le setekginiki, tikoloho le phedisano. Ho ile ha hlwauwa ditsha tse ding tse tharo tse bontshang bokgoni ba ho sebetsana le seo mme di tla fuputswa ka botlalo tsamaisong ena ya EIA. Motjha wa 1 o hlwauweng se fana ka bopaki ba hore ho ka ba le kotsi ya bophelo & tikoloho setjhabaneng sa boahisane se moo mme ka tsela e jwalo ho ile ha tswelwa pele ho hlahlobuwa dibaka tse pedi fela. Ditsha tsena tse ding tse ka thoko di hlakisitswe mmapeng o kenyeleditsweng mona.

Page 2: Ditlhahlobo tsa Tshusumetso Tikolohong bakeng sa ... - EIA for... · kenyeletsa bohle ka ho otloloha. E boela hape e thusa bankakarolo ka tlhahisoleseding e lekaneng mme e ba fa monyetla

2

Page 3: Ditlhahlobo tsa Tshusumetso Tikolohong bakeng sa ... - EIA for... · kenyeletsa bohle ka ho otloloha. E boela hape e thusa bankakarolo ka tlhahisoleseding e lekaneng mme e ba fa monyetla

3

DIPEHELO TSA MOLAO Letamo le letjha le sisintsweng la selaeme le tla behwa tlasa dipehelo tsa molao tse hlakisitsweng ka fatshe mona. Tsamaiso e sebetsang e tla laolwa mme e hokahanngwe ke tsamaiso ya kopanelo ya setekginiki hammoho le tsamaiso ya phehiso ya setjhaba.

Bookamedi ba ditsebi bakeng sa tumello ya molao ya ho sebetsa tikolohong bo entse kopo ho latela Molao wa Taolo ya Tikoloho ya Naha (NEMA), No 107 wa 1998 hammoho le Melawana ya EIA ya 2010 ke Lefapha la Ntshetsopele ya Ikonomi le Merero ya Tikoloho la Porovense ya Foreisetata (the DETEA).

MOLAO WA NAHA TAOLONG YA TIKOLOHO (NEMA)

Ntshetsopele e sisintsweng ya letamo le letjha la selaeme hammoho le sebopeho sa kaho se amanang le sona se hloka hore ho etswe Ditlhahlobo tsa Sefutho sa Tikoloho (EIA) ho latela Molao wa Taolo ya Tikoloho ya Naha (NEMA), No 107 wa 1998 hape le melawana e tlatseleditsweng ya EIA (Tsebiso ya Mmuso ya R.543 ho fihla ho 546, e phatlaladitsweng ka Phupjane 2010).

Ho latela Tsebiso ya Mmuso ya R.543 ya Phupjane 2010, Kgaolo ya 2 ya boemedi ba mmuso bo tsamaisang molao o sebetsanang le ditaba tse amanang le tshusumetso tikolohong e amanang le kopo bakeng sa tumello ya ho sebeletsa tikolohong eo, nakong eo ho ntseng ho lekolwa kopo e tlamehile e shebuwe hammoho le maikutlo a fumanweng mabapi le kopo eo. Ha ho le jwalo, Lefapha la Dirafshwa (DMR), Lefapha la Merero ya Metsi (DWA), Mmasepala wa Lebatowa la Xhariep, Mmasepala wa Lehae wa Letsemeng, SAHRA, jj ke e mmalwa ya bookamedi bo ileng ba hlahisa maikutlo tsamaisong ena.

Tsamaiso ena e kenyeletsa Raporoto ya Boholo le Kgahlamelo ya Tikoloho (S&EIR) e leng se etswang diporojekeng tsohle tseo ho bonahalang eka di ka ba le sefutho se seholo tikolohong ka lebaka la tlhaho ya tsona kapa boholo ba tsona, diketsahalo tsa tshebetso tse amanang le mehato e phahameng e ka bang teng hodima tshenyeho ya tikoloho kapa diketsahalo tsa tshebetso

moo ho ke keng ha ba bonolo ho ka bona se ka nnang sa etsahala.

Ho latela Tsebiso ya Mmuso ya R.545 ya 2010, diketsahalo tse lenaneng le latelang di hloka hore ho etswe ditlhahlobo tsa S&EIR ebile di a hlokeha porojekeng ena e sisintsweng:

Mosebetsi wa 3: Kaho ya disebediswa kapa sebopeho sa kaho bakeng sa ho boloka disebediswa kapa polokelo le ho tshwara thepa e kotsi moo polokelo e jwalo e tla ba ka hara ditshelo hape le boholo ba kopanelo bo ka fetang dimitara tsa khubiki tse 500.

Mosebetsi wa 15: Ditokiso tsa meaho tsa naha e sa ntshetswang pele, moo ho sa duleng batho kapa naha e nyahladitsweng e ka sebedisetswang bodulo, mabenkele, kgwebisano, indaseteri kapa tshebediso ya diinstitushene moo sebaka sohle se fetolwang ke diheketara tse 20 kapa ho feta.

Ha ho le jwalo, bakeng sa ntshetsopele e ntjha e sisintsweng ya selaeme Morafong wa Taemane wa Koffiefontein, ho lokela hore ho etswe ditlhahlobo tsa EIA.

DITLHAHLOBO TSA TSHUSUMETSO TIKOLOHONG (EIA) Ditlhahlobo tsa Sefutho Tikolohong (EIA) ke sesebediswa sa ho etsa moralo le diqeto tse etswang ho latela NEMA, Molao wa No 107 wa 1998. Ditlhahlobo tsa EIA ke sesebediswa sa tsamaiso se thusang ho hlwaya le ho namola sefutho sefe kapa sefe se ka bang teng se ka tliswang ke ntshetsopele e ntjha pele ho ka hahwa moo.

DITSAMAISO TSA SETEKGINIKI LE PHEHISO YA SETJHABA

Ditlhahlobo tsa EIA di na le ditsamaiso tse tsamayang di bapile ka kgokahano tse bitswang, tsamaiso ya setekginiki le phehiso ya setjhaba.

Tsamaiso ya setekginiki e fuputsa "tlhahisoleseding e thata": dintlha tse thehilweng hodima dithuto tsa saense le botekginiki, dipalopalo kapa ditsebiso tsa setekginiki. Di hlwaya ditlamorao tse mpe le tse ntle tsa porojeke e sisintsweng kapa ntshetsopele mohatong wa pele hape le ho sisinya ditsela ho matlafatsa diphetho tse ntle le ho qoba, ho fokotsa kapa ho tlisa bonamodi ba sefutho.

Melawa ya ditlhahlobo tsa EIA di hloka hore ho bopuwe Lenaneo la Tsamaiso ya Tikoloho (EMPr). Lenaneo la EMPr le fana ka ditshisinyo hore na porojeke e ka tsamaiswa le ho kenngwa tshebetsong jwang. Dipehelo tsa lenaneo la EMPr ke tse qobellang ka molao ho motho ya hahang le borakonteraka ba hae.

Ho phehisa ha setjhaba ho etsa bonnete ba hore tsamaiso ya EIA e bontsha toka, e sebeletswa pepeneneng ebile e kenyeletsa bohle ka ho otloloha. E boela hape e thusa bankakarolo ka tlhahisoleseding e lekaneng mme e ba fa monyetla wa ho kenya letsoho ka ho boela ho lekola botjha le ho hlahisa maikutlo tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona.

Tsamaiso ya phehiso ya setjhaba e radilwe ho fana ka tlhahisoleseding e lekaneng ebile e ka fihlellwang bakeng sa I&APs ka mokgwa o bontshang sepheo sa ho ba thusa ho:

Ho hlahisa ditaba tse amanang lel tsona le ho etsa ditshisinyo bakeng sa metjha e meng e ka thoko e teng hammoho le melemo e matlafaditsweng;

Ho ba le seabo tsebong ya lehae;

Ho netefatsa hore ditaba tsa bona di ngotswe ebile di ntse di lekolwa ke diphuphutso tsa setekginiki;

Ho hlahisa maikutlo ka se fumanweng ke ditlhahlobo tsa EIA.

MEKGAHLELO E TENG HO EIA

MOKGAHLELO WA TEKOLO YA BOITHUTO

Page 4: Ditlhahlobo tsa Tshusumetso Tikolohong bakeng sa ... - EIA for... · kenyeletsa bohle ka ho otloloha. E boela hape e thusa bankakarolo ka tlhahisoleseding e lekaneng mme e ba fa monyetla

4

Mokgahlelo wa pele wa ditlhahlobo tsa EIA ke mokgahlelo wa Tekolo ya boithuto, bo laolwang ho fumana kutlwisiso ka ditaba tse ka amang tikoloho ebile tse tshwanetseng porojeke le ho hlwaya hore na ho hlokeha tlhahisoleseding e nngwe ka mokgwa wa ho etsa dithuto/diphuphutso tsa ditsebi.

Raporoto ya Tekolo ya Boithuto le Moralo wa Boithuto bakeng sa tlhahlobo ya EIA di romelwa ho (the DETEA) bakeng sa tekolo botjha hape le ananela katamelo e sisintsweng e hlokwang mokgahlelong o latelang.

Diketsahalo tse amanang le Mokgahlelo wa Boithuti di kenyeletsa:

Ho kopana le bookamedi ho dumellana le tsamaiso le dipehelo tsa thuto;

Tsebiso ya sethatho ya setjhaba le monga naha e kenyeletsang ho beha ditsebiso setsheng seo, ho phatlalatsa mangolo, Tokomane ena ya Tlhahisoleseding ya Nalane (BID); ho ba le seabo tsamaisong ya ditlhahlobo tsa EIA ho fihla ho I&APs sebakeng sa porojeke le ho feta;

Dipapatso dikoranteng tsa lehae le tsa lebatowa ho tsebisa batho ka menyetla ya ho ba le seabo;

Lengolo la sephetho sa tswelopele, ke hore, ho fumaneha ha Raporoto ya Moralo ya Boithuto (DSR) bakeng sa tekolo botjha le ho hlahisa maikutlo;

Ho bitsa kopano ya setjhaba sebakeng sa porojeke ho tla hlahisa dikahare tsa DSR le ho fumana maikutlo ka DSR;

Thomello ya Raporoto ya Phethelo ya Boithuto (FSR), ho rejisetara ditaba tsohle tse hlahisitsweng nakong ya mokgahlelo wa boithuti le bakeng sa ditlhahlobo tse felletseng nakong ya ditlhahlobo tsa mokgahlelo wa sefutho ho DETEA;

Thomello ya Moralo wa Thuoto bakeng sa ditlhahlobo tsa EIA ho DETEA; hape le

Ho phatlalatsa FSR bakeng sa ho hlahisa maikutlo.

MOKGAHLELO WA RAPOROTO YA SEFUTHO TIKOLOHONG

Mokgahlelo wa bobedi wa Raporoto ya Sefutho sa Tikoloho (EIR), o amanang le tshebetso ya dithuto tsa ditsebi tse fapaneng hape le ho hlophisa Moralo wa EIR (DEIR).

Jwaloka karolo ya ditlhahlobo, Moralo wa EMPr hammoho le Moralo wa Tshebetso o tla romelwa ho DETEA bakeng sa kananelo ya bona ka molao. Ka ho latela EMPr, Morafo wa Taemane wa Koffiefontein hammoho le borakonteraka ba ona bo tla etsa bonnete ba hore ho ba le boikamahanyo le melawana ya tikoloho nakong eo ho sebetsanwang le mekgahlelo ya ho rala, kaho, tshebetso ka kakaretsi le ho fetisetsa tshebetso ho ba tshwanetseng (haeba ho hlokeha).

Lenane la dithuto tsa ditsebi tse hlwauweng le hlokehang bakeng sa EIR (jwaloka ha ho hlwauwe mohatong ona) le hlahisitswe ka fatshe mona (dithuto tse ding tsohle tsa tlatsetso di tla etswa sehleng sa dipula):

Moralo wa Disebediswa, Leano la Tshebetso hape le Dipatlisiso tsa Sebaka le sebopeho sa naha;

Ditshwantsho tsa 3D tsa moralo wa phethelo wa setsha (ke tlatsetso)

Ditlhahlobo tsa Sefutho Leruong le teng moo;

Ditlhahlobo tsa dipolokelo tsa metsi tsa tlhaho hape le dimela tse tla ameha mme di tshwauwe jwalo;

Dipatlisiso tsa dijalo le diphoofolo tse phelang sebakeng seo;

GIS ka sepheo sa ho rala mmapa.

Mesebetsi e ikgethileng mokgahlelong ona e tla kenyeletsa:

Dithuto tsa ditsebi tse shebaneng le diphetho tsa Mokgahlelo wa Boithuti hammoho le ditaba tse hlahisitsweng ke bankakarolo;

Pehelo ya tswelopele e entsweng ho bankakarolo;

Tlhopiso ya DEIR le EMPr e hlakisang difutho tse ka bang teng tse ntle kapa tse mpe hammoho le mehato ho matlafatsa difutho tse ntle hape le ho di fokotsa kapa ho qoba difutho tse mpe;

Seteitemente sa Sefutho sa Tikoloho se hlakisang disebediswa tse ding tse ka thoko tse ka hlokehang le mabaka a bakileng seo;

Bapatsa ho fumaneha ha DEIR le EMPr dikoranteng tsa lehae le lebatowa;

Ho phatlalatsa DEIR le EMPr, ho kenyeletswa Raporoto ya Maikutlo le Dikarabo (CRR) bakeng sa ho hlahisa maikutlo;

Kopano ya setjhaba ho ka hlahisa dintlha tse fumanweng ho latela DEIR; hape le

Ho phatlalatsa Sephetho sa Makgaokgang sa EIR le EMPr bakeng sa ho hlahisa maikutlo.

EIR le EMPr e tla phethelwa ka tsela e jwalo mme e romelwe ho DETEA bakeng sa ho etsa qeto.

HO ETSA DIQETO (TUMELLO YA HO SEBETSA TIKOLOHONG KA MOLAO) Sena se amana le ho tsebisa I&APs tse rejisetarileng ka qeto e tswang ho Bookamedi bo nang le Tsebo e tshwanetseng (DETEA). DETEA e tlamehile ho amohela kapa ho hanana le FEIR matsatsing a 105. DiI&APs tse rejisetarileng di tla tsebiswa ka qeto ya DETEA hape le ho tsebiswa ka ditsamaiso tsa boipelaetso haeba ba hloka ho romela boipelaetso ba bona ka qeto e entsweng.

Maikutlo a lona a bohlokwa.

Sepheo sa Tlhahlobo ya Sefutho ya Tikoloho ke ho fa bookamedi bo etsang diqeto tlhahisoleseding e lekaneng e tla ba thusa ho theha qeto ya bona ya ho fana kapa ho hanana le ho fana ka Tumello ya ho sebetsa Tikolohong eo mme haeba ho fanwe ka tumello, ho hlakisa maemo bakeng sa ntshetsopele. Seabo sohle se entsweng ke bankakarolo ho hlaha makaleng ohle a setjhaba se tla thusa ka hore ho nkuwe qeto e

nang le kutlwisiso.

O a memuwa hore o be le seabo ka ho lokoloha le ho romela maikutlo kapa tlhahisoleseding efe kapa efe eo o nahanang hore e ka nna ya ba bohlokwa tshebetsong ena ya EIA. Mekgatlo e rejisetarileng le ba amehang ba tshwanetse ho hlahisa maikutlo ka ho ngola mme dithomello tsohle tse ngolletsweng bookamedi bo nang le tsebo e tshwanetseng (the DETEA) hape le hore bookamedi bo nang le tsebo e tshwanetseng

bo lokela ho tsebiswa, ditaba dife kapa dife tseo mokgatlo o dumelang hore e ka nna ya ba tsa bohlokwa bakeng sa ho lekola kopo eo.